Back to top

Primary tabs

Puo ya Boemo ba Naha ka Moporesidente Cyril Ramaphosa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA), Mofumahadi Thandi Modise,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP), Monghadi Amos Masondo,
Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza,
Moahlodi e Moholo Mogoeng Mogoeng le ditho tse hlomphehang tsa boahlodi,
Moporesidente wa mehleng Thabo Mbeki le Mofumahadi Mbeki,
Moporesidente wa mehleng Kgalema Motlanthe le Mofumahadi Motlanthe,
Motlatsi wa Moporesidente wa mehleng FW de Klerk Mofumahadi de Klerk,
Motsamaisi wa Dipuisano wa Mehleng Mofumahadi Baleka Mbete le Monghadi Khomo,
Moporesidente wa Palamente ya Dinaha Tsohle tsa Aforika, Mobabatsehi Roger Nkodo Dang,
Moemedi wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) Aforika Borwa, Mofumahadi Anne Githuku-Shongwe,
Isithwalandwe, Monghadi Andrew Mlangeni,
Matona le Batlatsi ba Matona,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba makgotla a ketsamelao ya diprofense,
Moporesidente wa Mokgatlo wa Mebuso ya Dibaka wa Aforika Borwa le bomajoro ba phethahatso,
Mmusisi wa Banka ya Risefe (SARB), Monghadi Lesetja Kganyago,
Dihlooho tsa Ditheo tse Tsheheditseng Puso,
Baetapele ba mekgatlo ya bodumedi,
Baetapele ba thuto e phahameng le ditheo tsa bofuputsi,
Ditho tsa bodiplomate,
Bamemuwa,
Ditho tse Kgabane tsa NA,
Ditho tse Kgabane tsa NCOP,
MaAforika Borwa a heso,

Ndi tama u lumelisa vhathu vhoṱhe vhane vha vha fhano na hayani.

Ngibingelela bonke abantu abasekhaya nabalapha. 

Ndzi xeweta vanhu hinkwavo va laha Afrika-Dzonga lava va nga ekaya na lava va nga laha.

Ke dumedisa batho ka moka bao ba leng gae le bao ba leng mo.

Ke dilemo tse 30 haesale Nelson Rolihlahla Mandela a ne a tswe Tjhankaneng ya Victor Verster, mothati oo ka mohlomong o neng o totobatse ho feta yohle nalaneng ya rona hore tokoloho e haufi.

Ha a ne a eme qhoweng ya Holo ya Toropo ya Motse Kapa a tshetlehela matshweletshwele a setjhaba se neng se tlo mo amohela puo, o ile a re:

“Mohwanto wa rona o lebang tokolohong o ke ke wa busetswa morao. Ha re a tlameha ho dumella letswalo ho re hlaha ka pele.”
Jwale, kamora dilemo tse 30, ha re ntse re tswelapele ka mohwanto wa rona wa ho ntlafatsa maphelo a batho ba habo rona, ha re ntse re thulana le diphephetso tse kgolo, ha re ntse re mamella dinako tsa mathata, le rona ha re ka ke ra dumella letswalo ho re hlaha ka pele.

Re tlameha ho hahamalla pele, re se ke ra dumella matshwenyeho kapa qeaqeo ho re tshwephola.

Jwaloka ha re kgobokana ho lekola boemo ba naha ya rona, hara rona re na ba lelapa le Basil February, motjha wa molwanedi wa tokoloho ya neng a le sebete, ya ileng a hlokahala Zimbabwe Letsholong la Wankie la 1967.

Ka dilemo tse 50, lebitla la hae, jwaloka a bomphato ba hae ba bangata, le ntse le sa tsejwa le kajeno.

Seabo sa hae, boitelo ba hae, ho ke ke ha lebalwa.

Phirimaneng ena, re kgobokana kwano re fokola ha re hopola banna le basadi bao ba ileng ba nyehela ka maphelo a bona molemong wa tokoloho ya rona, mme re tseba hantle ka boikarabelo bo boholo bo mahetleng a rona ba hore re fihlelle ditoro tsa bona.

Ho na le dinako moo re hahellwang, ho na le dinako moo re etsang diphoso, empa re dula re tsitlalletse boikitlaetsong ba rona ba ho aha setjhaba se lokolohileng, se lekanang se bile se phela ka kgotso.

Nalane ya rona e re bolella hore ha re kopane ka kgotso le tumelo, re ka hlola ditshita tsohle re be re fetole naha ya rona hore e be sebaka seo ho sona bohle re ikutlwang re lokolohile, re bolokehile re bile re phutholohile.

Ke ka ona moya oo moo jwale re hahamallang mothating wa jwale.

Naha ya rona e tobane le mathata a maholo.

Moruo wa rona ha o a hola ka sekgahla se setle ka nako e fetang dilemo tse leshome.

Leha mesebetsi e ntse e thewa, leqeme la mesebetsi le ntse le tota le ho feta.

Tsosoloso ya moruo wa rona e eme nqa e le nngwe kaha dikgaello tse tswelang pele tsa motlakase di sitisitse dikgwebo le maphelo a batho.

Dikgwebo tse ngatanyana tsa mmuso (di-SOE) di tebetebeng, mme le ditjhelete tsa rona tsa setjhaba di kgatellong e matla.

Ke lona batho ba Aforika Borwa, ba imetsweng ke morwalo ona, ba tobaneng le maemo a bophelo a ntseng a ehlwa mekwalaba, leqeme la mesebetsi, ho sitwa ho ikinola bofumeng le ho sitwa ho elellwa makgabane a lona.

Empa, ka mokgwa o tshwanang, ho na le karolo enngwe ya nnete eo re phelang le yona.

Ke nnete ya setjhaba sa batjha se nang le phihlello e tomanyana thutong ho feta pele, mme seo ka hanyane ke se fihlellang diphetho tse ntlafetseng.

Ke nnete ya bana ba dimilione tse 2.4 ba Kgolong ya Bongwana (ECD) le dikolong tsa dikonyana.

E ka ba baithuti ba etsang 81% ba atlehileng dithutong tsa materiki ngwahola, ka keketseho e tomanyana e tswang dikolong tsa mahaeng le tsa makeisheneng.

Bakeng sa katleho ena e kgolo hakana, re thoholetsa Sehlopha sa 2019.

Nnete ya rona e boela e ba eo ya baithuti ba 720 000 ba fumaneng dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso ngwahola, bakeng sa ho ithuta dikholejeng tsa Thuto le Thupelo ya Mesebetsi ya Setekginiki le ya Matsoho (TVET) esita le diyunivesithing.

E mabapi le maAforika Borwa a dimilione tse 6.8 a itsebang maemo a HIV, e mabapi le batho ba dimilione tse hlano ba kentsweng kgabong ya kalafo ya diantiritrovaerale esita le batho ba dimilione tse 4.2 bao e bang ka mabaka ana, mothamo wa kokwanahloko ya HIV ha o sa bonahala mebeleng ya bona.

Tsena ha se dipalopalo feela.

Ana ke maphelo a baahi a ntlafatswang.

Ke matshwao a kgatelopele.

Nnete ya rona e boela e ba ya bokgoni bo sa thekeseleng.

Hape ke ya mobu o manoni ka dirafshwa esita le mefutafuta ya dimela le diphoofolo tse se nang thaka lefatsheng.

Ke ya motheo o tebileng wa ditjhelete, meralo ya motheo e batsi, melao e metle esita le ditheo tse mafolofolo.

Ke ya batho ba ruileng, ba kopaneng ba sa tshwane, ba batjha ebile e le ba nang le dineo.

Bosiung bona, re na le Zozibini Tunzi, eo ho hlwa mekwalaba ha hae ho ya dula setulong sa Mofumahatsana wa Lefatshe lohle e leng sehopotso sa bokgoni ba rona ba ho fihlella tsullung jwang kapa jwang.

Re boela re amohela Mokaptene wa di-Springbok Siya Kolisi, ya etelletseng pele sehlopha sa maAforika Borwa a ikemiseditseng a bile a momahane hore e be Bomampodi ba Mohope wa Lefatshe wa Rakebi wa 2019.

Phirimaneng ena re boetse re na le motjha e mong ya tsotehang, Mofumahatsana Sinoyolo Qumba, moithuti wa Mophato wa 11 wa Borwa ba Lenasia, ya qetileng boholo ba letsatsi la maobane a ntse a nthusa ho ngola Puo ya Boemo ba Naha (SoNA).

Bohlale ba hae, tsebo ya hae e batsi ka bophelo, tjantjello ya hae le boikitlaetso ba hae, di mpha tshepo e kgolo bokamosong ba naha ena.

Ho tshetleheng puo tsa ka tse pedi tsa pele setjhabeng, ke buile ha leletsana ka tlhokeho ya momahano ya setjhaba le boikarabelo bo boholo boo re bo jereng re le mmuso ho ntshetsa pele tshebedisano mmoho le tumellano ya ho etsa dintho.

Ka 1994, re ile ra kgetha motjha wa ditherisano, katamelano le phethelo ya kgotso.

Nalane ya rona le malebela a kajeno di re rutile hore haeba re batla ho fihlella seo re se labalabelang, re tlameha ho tsepamisa maikutlo ho se re momahanyang ho e na le se re qhalakanyang.

Matla a tonanahadi a demokrasi ya rona ya molaotheo, le lebaka le a susumeditseng, ke hobane re ile ra kgona ho hahamalla ho dikgokanyana phiri tsa motheo o batsi le dimomahano tsa setjhaba, e ka ba tse entsweng le dikgwebo, bosebetsi, dihlopha tsa ditabatabelo tse kgethehileng kapa setjhaba ka bobatsi ba sona.

Ho fihlella tumellano ya ho etsa dintho le ho aha dimomahano tsa setjhaba ha se sesupo sa bofokodi. Oo ke ona mokotaba wa seo re leng sona.

Ke kahoo nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng re sebeditseng ka thata re habile ho tiisa le ho bopa tumellano ya ho etsa dintho mabapi le morero wa rona wa tsosoloso ya moruo.

Puong ya hae ya tlhomamiso ya la 10 Motsheanong 1994, Moporesidente Nelson Mandela o ne a re:

“Kajeno re kena selekaneng sa hore re tla aha setjhaba seo ho sona maAforika Borwa ohle, a ba batsho le ba basweu, a tla kgona ho tsamaya ka bolokolohi, ntle le tshabo ya letho dipelong tsa bona, a netefaleditswe ka tokelo ya ona ya seriti sa botho e ke keng ya sisinngwa.”

Mmuso ona o dula o ntse o ikitlaelleditse ho boloka selekane seo motjhaotjhele.

Ke selekane se bopelletsweng sepheong sa lewa la Morero wa rona wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), e leng ho fedisa bofuma le ho fokotsa ho se lekane ka 2030.

Bonneteng, ha re amoheleng hore mmuso o ke ke wa rarolla diphephetso tsa moruo wa rona o le mong.

Le haeba re ka nka mehlodi yohle eo re nang le yona, ra ba ra sebedisa sekepele se seholo sa ditjhelete tsa setjhaba, re ke ke ra kgona re le bang, ho tiisa kgiro matshweletshweleng a batho ba sa sebetseng.

Seo re se fihlelletseng, re se fihlelletse re le mmoho.

Nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng – haesale ke ne ke qale ho ema mona ke tshetleha SoNA – re ne re sebeletsa ho susumetsa dimomahano kahara maAforika Borwa e le ho arabela diphephetsong tse ngata tse re tobileng.

Ka Seboka sa Mesebetsi, re kopantse basebetsi, dikgwebo, mmuso le setjhaba mmoho e le ho fumana ditharollo koduweng ya leqeme la mesebetsi, mme re ntse re tswelapele ka ho kopana maqalong a kgwedi enngwe le enngwe, Motlatsi wa Moporesidente le nna, ho katolla dikgoro le ho kgothaletsa bokenadipakeng bo tla boloka bo be bo thee mesebetsi.

Re kopane, re le mmuso le mekgatlo ya setjhaba, re le setjhaba le dihlopha tsa bodumedi, ho lwantsha ditlhekefetso tse etswang ke banna basading.

Re kopantse dikgwebo, basebetsi le mmuso ho rala merero ya makgonthe bakeng sa diindasteri tseo tse nang le bokgoni bo toma ba kgolo.

Re kopane re le makala a fapaneng a mmuso, re le ditheo tse fapaneng tsa mmuso, re le mekgatlo ya kgwebo le dihlopha tsa setjhaba katlasa Mmotlolo o motjha wa Ntshetsopele ya Ditereke (DDM) o fetolang ka bokgabane mawala a rona a ntshetsopele ya dibaka.

Haesale re ntse re aha dimomahano tsa setjhaba hobane ke ka selekane le tshebedisano mmoho moo re kgonang ho hatela pele.

Re le mmoho, nakong ya dilemo tsena tse pedi tse fetileng, re sebeleditse ho tsitsisa moruo wa rona le ho aha motheo wa kgolo.

Re ne re totobetse kahong botjha ya ditheo le ho tloseng ditshita botseteding.

Re nkile diqeto tse tsepameng kgahlanong le tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso ra ba ra lwantsha bonyofonyofo.

Hanyane hanyane re ntlafaditse phihlello thutong, ra ntlafatsa boleng ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ra ba ra tsitlallela ditlhokong tsa mantlha tsa bahloki.

Leha ho le jwalo, hoo ha ho a lekana.

Ha ho a ka ha lekana ho lokolla moruo wa rona masalleng a mabe a nako e fetileng, kapa diphosong tseo rona ka borona re di entseng.

Ha ho a ka ha lekana ho re inola ditlamoraong tsa ho timatima ha motlakase, kapa moruong wa lefatshe lohle o sa tsitsang o bile o se mahlahahlaha.

Jwale, kajeno re iphumana re le mothating wa ho nka diqeto.

Re na le boikgethelo.

Re ka nna ra inehela mathateng a nako e telele a re tobileng, kapa re ka a toba, ka sebete le boikitlaetso le diketso.

Ka hobane re kgetha ho toba diphephetso tsa rona, mosebetsi wa rona o bohlokwa hanghang ke ho bea moruo wa rona motjheng wa kgolo o kenyeletsang bohle.

Ntle le kgolo, mesebetsi e ke ke ya eba teng, athe ntle le mesebetsi ho ke ke ha eba teng ntlafalo e bonahalang maphelong a batho ba habo rona.

Kahoo, SoNA ena e mabapi le kgolo e kenyeletsang bohle.

E mabapi le dikgato tsa bohlokwa tseo re di nkang monongwaha tsa ho aha puso e nang le bokgoni esita le ho bea moruo wa rona motjheng wa tsosoloso.

Monongwaha, re lokisa dintho tsa bohlokwa.

Re ntshetsa pele dikarolo tsa bohlokwa tsa moruo.

Hape re netefatsa pabatseho ho ralweng ha merero le ho etsuweng ha mesebetsi mmusong.

MaAforika Borwa a heso,

Ka nako e fetang dilemo tse leshome, maAforika Borwa a ile a tshwanela ho lwantshana le ditlamorao tsa phepelo e thefulehileng ya motlakase.

Ke buile ka bobatsi ka seabo sa bohlokwa seo Eskom e se etsang moruo wa naha ya rona esita le maphelong a moAforika Borwa e mong le e mong.

Ho timatima ha motlakase dikgweding tse mmalwa tse fetileng ho bile le ditlamorao tse mpe naheng ya rona.

E buseditse morao matsapa a rona a ho aha moruo botjha esita le ho thea mesebetsi.

Nako le nako ha e etsahala, e sitisa maphelo a batho, e baka pherekano, ho se iketle, mathata.

Botebong ba yona, ntho ya ho timatima ha motlakase ke lona lebaka le ke keng la qojwa la ho hloka bokgoni ha Eskom ka dilemo tse ngata – ka lebaka la dikoloto, kgaello ya bokgoni le tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso – hore e sebeletse dipolante tsa yona tsa matla a motlakase.

Nnete eo re tla tlameha ho e amohela ke ya hore, hore Eskom e itlame ka ditokiso tsa bohlokwa tse hlokehang tsa ho ntlafatsa botsitso ba phepelo, ho timatima ha motlakase ho tla dula ho ntse ho etsahala ka nako e teletsana.

Moo ho timatima ha motlakase ho ke keng ha qojwa, e tlameha ho etswa ka mokgwa o lebeletsweng mme e fokotse ditshitiso le ditjeo difemeng le malapeng.

Dikgweding tse mmalwa tse tlang, ha Eskom e ntse e sebeletsa ho kgutlisa bokgoni ba yona ba tshebetso, re tla be re kenya tshebetsong mekgwa e tla fetola kahohlehohle motjha wa phehlo ya matla a motlakase naheng ya rona.

Re nka dikgato tse latelang ho potlakisa keketseho ya bokgoni ba phehlo kathoko ho Eskom:

  • Karolo ya bo 34 ya Boikitlaetso ba Matona e tla ntshuwa haufinyane ke Letona la Mehlodi ya Dirafshwa le Eneji, ho fana ka sephetho Morerong wa Mehlodi e Kopanetsweng wa 2019, ho thusa ntshetsopeleng ya keketso ya bokgoni ba keriti ho tswa enejing e ntjhafatsehang, kgase ya tlholeho, motlakase o fehlwang ka metsi, poloko ya dibetiri le mashala.
  • Re tla thakgola phumantsho ya matla a motlakase a tshohanyetso ho tswa diprojekeng tse ka fanang ka motlakase o yang keriting nakong ya dikgwedi tse tharo ho isa ho tse 12 kamora kananelo ya ho etsa mosebetsi oo.
  • Molaodi wa Eneji ya Naha wa Afrorika Borwa (NERSA) o tla tswelapele ho ngodisa kabo e nyenyane ya phehlo e abilweng eo ho itshebedisetswang yona e katlase ho megawatt (MW) e le nngwe, eo ho yona ho sa hlokeheng laesense.
  • NERSA e tla netefatsa hore dikopo tsohle tsa basebedisi ba dikgwebo le diindasteri tsa ho itlhahisetsa motlakase wa bona o kahodimo ho 1MW di sebetswa sekepeleng sa nako e beilweng ya matsatsi a 120.
  • Tsebang hore jwale ha ho tekanyo motlakaseng o seng o hoketswe o kahodimo ho 1MW.
  • Re tla bula boiketo ba mokgahlelo wa bohlano wa matla a motlakase o ntjhafatsehang wa Bahlahisi ba Ikemetseng ba Matla a Motlakase (di-IPP), re be re sebetse le bahlahisi bana ho potlakisa ho phethelwa ha diprojeke tsa mokgahlelo wa bone.
  • Re tla rerisana ka ditumellano tsa ho rekwa ha motlakase wa tlatsetso e le ho fumana bokgoni bo ekeditsweng ho tswa ditsing tse seng di le teng tsa motlakase o fehlwang ka moya le matla a letsatsi.
  • Re tla boela re kenya dikgato tsa ho thusa bomasepala ba nang le tsamaiso e ntle ya ditjhelete ho iphumanela matla a bona a motlakase ho tswa ho di-IPP.
     

Ho ya ka moralo o tsebisitsweng ngwahola, Eskom e se e qadile ka mosebetsi wa ho arola ditshebetso tsa yona tse tharo – phehlo, kanetso le kabo – enngwe le enngwe e tla ba le boto le botsamaisi ba yona.

Balekane ba kahisanong ba ipopileng katlasa Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le Lekgotla la tsa Bosebetsi (Nedlac) ba ne ba ntse ba kopana dibekeng tse pedi tse fetileng ho dumellana ka mekgwatsamaiso ya momahano ya setjhaba mabapi le motlakase.

Ena ke tswelopele e sa lebellwang ebile e le e etsang nalane kaha e bontsha boikitlaetso ba balekane bohle kahisanong hore ba nke dikgato tse tshwanelehileng ba be ba etse boitelo bo hlokehang ba ho fumana ditlhoko tsa motlakase wa rona.

Ka momahano ena balekane ba kahisanong ba batla Eskom e sebetsang hantle, e nang le tlhahiso ebile e le e nang le sepheo, e fehlang motlakase wa ditheko tse fihlellehang bakeng sa setjhaba le diindasteri.

Sena se hloka phokotso e matla ya ditjeo – ho akga le tlhophobotjha ya dikonteraka – le mekgwa ya ho bokella mehlodi e tla fokotsa sekoloto sa Eskom e be e kenye tjhelete moo ho hlokehang.

Balekane ba kahisanong – mekgatlo ya basebetsi, dikgwebo, mekgatlo ya setjhaba le mmuso – ba ikemiseditse ho kgobokanya ditjhelete tsa ho rarolla maqakabetsi a ditjhelete a Eskom ka mokgwa wa botsitso ba ditjhelete wa nako e telele.

Ba lakatsa ho etsa sena ka mokgwa o sa beeng dipenshene tsa basebetsi kotsing ebile e le o sa senyeng seriti sa tsamaiso ya tsa ditjhelete.

Ha ba ntse ba sebeletsa ho phethela tumellano ena, nnete ke hore tsamaiso ya eneji ya rona e tla dula e imetswe ho fihlela phehlo ya eneji e ntjha e kena kgabong.

Ka mekgwa ena ya hanghang esita le mosebetsing o seng o etsuwa wa ho bopa botjha indasteri ya rona ya motlakase, re tla fihlella phepelo e tshireletsehileng ya eneji e tshepahalang, e fihlellehang mme pheletsong, e be e tla itjara ka nako e telele.

Re nka qeto ena ya phetoho motjheng wa rona wa eneji ka nako eo e bang batho ba tobane le kotsi ya tonanahadi ho tse kileng tsa ba teng, ka mokgwa wa phetoho ya tlelaemete.

Maobane ke teane le Ayakha Melithafa, motjha wa moitseki ho tsa tlelaemete wa Eerste Rivier ya neng a ile Foramong ya Moruo wa Lefatshe e neng e tshwaretswe Davos monongwaha, ho etsa kgoeletso ho baetapele ba lefatshe hore ba lomahanye meno bakeng sa toka ho tsa tlelaemete.

Ayakha o ile a nkopa hore ke etse bonnete ba hore ha ho ngwana wa moAforika ya sallang morao phetohong e lebisang setjhabeng se nang le khabone e tlase, se tsitlallelang tlelaemete le botsitso ba nako e telele; mme eo ke tshepiso eo a ikemiseditseng ho e phetha.

Khomishene ya Moporesidente ka Phetoho ya Tlelaemete e tla netefatsa hore ha re ntse re hahamalla motjheng wa kgolo ya tshebediso e tlase ya khabone, ha re siye motho kamorao.

Re tla phethela Bili ya Phetoho ya Tlelaemete, e fanang ka moralo wa taolo bakeng sa bolaodi bo botle ba ditshusumetso tse lebelletsweng tsa phetoho ya tlelaemete ka ho ntlafatsa bokgoni ba boitlwaetso, tsitlallelo ya matlafatso le phokotso ya ho ba tlokotsing ya phetoho ya tlelaemete – esita le ho hlwaya menyetla e metjha ya diindasteri moruong o sa senyeng tikoloho.

Ditho tse Kgabane,

Re tshwanela ho lokisa ditjhelete tsa setjhaba sa habo rona.

Boemo bo fokolang ba kgolo bo bolela hore ha re etse pokello e lekaneng ya lekgetho hore re lefella ditjeo tsa rona, sekoloto sa rona sona se thulametse moo se ke keng sa jareha ka nako e telele, mme tshebediso ya tjhelete e tshwepholetswe moo e jewang e bile e sebeletsa sekoloto ho e na le meralo ya motheo le diketsahalo tsa tlhahiso.

Ha re ka ke ra tswelapele re latela motjha ona. Ebile re ke ke ra kgona ho ema re tsitsitse.

Ha a tshetleha Puo ya hae ya Bajete dibekeng tse pedi tse tlang ho tloha hona jwale, Letona la tsa Ditjhelete le tla ala lethathama la mekgwa ya ho fokotsa tshebediso ya tjhelete esita le ho ntlafatsa dikateng tsa yona.

Re ntse re buisana le bosebetsi hammoho le ba bang ba amehang ka mekgwa ya ho fupara bili ya meputso ya mathomo esita le ho fokotsa tshenyo.

Matsapa a ho fokotsa tshebediso ya tjhelete ke mmuso, thathamiso ya mehlodi ka bokgabane, esita le ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya tsamaiso ya lekgetho la rona ke banyehedi ba bohlokwa tsitsisong ya ditjhelete tsa setjhaba sa habo rona a bohlokwa – empa ha a lekana.

Ho fihlella botsitso ba nako e telele ho tla hloka hore re rarolle diphephetso tsa sebopeho moruong o nyollang ditjeo tsa ho iphedisa esita le ho etsa kgwebo.

Ka ho sebetsa le Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete ho fokotsa tshebediso e mpe ya ditjhelete, ka ho tlosa tshebediso ya tjhelete ya mmuso boemong ba tshebedisong ya ditjhelete tse jewang ho ya botseteding ba meralo ya motheo, re habile ho ntlafatsa boemo ba ditjhelete tsa setjhaba.

Lefapha la Matlotlo a Naha le SARB di sebedisana mmoho ho fokotsa kgatello dikgwebong le ho bareki.

Re qetile ka ho thea letlole le ikemetseng la maruo e le mokgwa wa ho boloka le ho hodisa lefa la naha ya rona, re fana ka mohlala o bonahalang mabapi le kgothaletsa ya hore batho ba tla abelana ka maruo a naha.

Re ntse re tswelapele ka ho thea banka ya mmuso e le karolo ya matsapa a rona a ho nanabetsa phihlello ya ditshebeletso tsa ditjhelete ho maAforika Borwa ohle.

Letona la tsa Ditjhelete le tla fana ka dintlha tse tebileng Puong ya hae ya Bajete.

Re tla nka dikgato tse batsi tsa moruo tse tla kenyeletsa tseo tse fuperweng ke pampiri e hlahisitsweng ke Lefapha la Matlotlo a Naha, eo sehlooho sa yona e leng Economic Transformation, Inclusive Growth and Competitiveness.

Monongwaha re a tloha tsitsisong ya di-SOE re ya popong ya sepheo se setjha sa dikhamphane tsena tsa bohlokwa ho tshehetsa kgolo le ntshetsopele.

Kamora dilemo tse ngata tsa tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso, bonyofonyofo le botsamaisi bo bobe, re sebeletsa ho netefatsa hore di-SOE tsohle di kgone ho phetha thomo ya tsona ya ntshetsopele mme di be le boitjaro ba ditjhelete ba nako e telele.

Ka pontshano le Lekgotla la Moporesidente la di-SOE, re tla etsa mosebetsi o tswelang pele wa tlhophiso ya di-SOE tsa rona esita le ho netefatsa hore di sebeletsa dipheo tsa mawala a moruo kapa a ntshetsopele.

Sekgahla sa tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso, sa bonyofonyofo le bolaodi bo bobe ho di-SOE di bonahala hantle Tshebeletso ya Difofane ya Aforika Borwa (SAA), e ileng ya bewa katlasa boinodi ba kgwebo ho ella mafelong a ngwahola.

Balekane ba boinodi ba kgwebo ba lebelletswe ho phatlalatsa merero ya bona ya ho lokisa botjha tshebeletso ena ya difofane dibekeng tse mmalwa tse tlang.

Molemong wa indasteri ya bofofisi ya Aforika Borwa esita le ya moruo wa rona, ke tshwanelo hore tshebeletso ya difofane ya kamoso e lokisitsweng botjha e kgone ho itjara ka nako e telele kgwebong le tshebetsong mme e se ke ya tshepela tabeng ya ho boela e fumana tjhelete mmusong.

Taba ya bohlokwa e ka sehloohong monongwaha ke ho lokisa diterene tsa baeti, e leng ntho ya bohlokwa moruong le bolenng ba bophelo ba batho ba habo rona.

Marangrang a rona a diporo a tsamaisa baeti ba kahodimo ho milione ho ya le ho kgutla mesebetsing.

Re ntjhafatsa marangrang a diporo tsa Lekgotla la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa (Prasa).

Motjha wa diterene o bohareng wa Kapa Bophirimela le Seteishene sa diterene sa Mabopane di se kwetswe bakeng sa dintjhafatso le dintlafatso tse hlokehang.

Re tsetela R1.4 bilione motjheng ka mong ho e mmedi ena e le ho fana ka tshebeletso e bolokehileng, e tshepahalang ebile e le e fihlellehang.

Mosebetsi o mong o seng o tswelapele motjheng e meng ya diterene e akga dintlafatso tsa diteishene, ho lokiswa ha diphake tsa diteisheneng, mekgwa e metjha ya matshwao a taolo ya diterene esita le dintlafatso tsa ditshepe tse hakang dithapo tsa motlakase tse hokelwang kahodimo ditereneng.

Ha re ntse re sebeletsa ho lokisa Naha, re a tseba hore kgolo le tlhahiso ya mesebetsi di tla lelekelwa ke dikgwebo tsa poraefete haholwanyane.

Kahoo, re aha tikoloho ya tshebetso e bulehelang ho etsa dikgwebo.

Re sebetsa mmoho le balekane ba rona kahisanong, re tswetse pele ho rarolla diqholotso tse ngatanyana tse neng di iphetotse tshita tlhahisong ya mesebetsi.

Dilaesense tsa tshebediso ya metsi, tse bohlokwa haholo ditshebetsong tsa mapolasing, difemeng le merafong, di ne di nka nako e telele haholo pele di phethelwa, ka dinako tse ding di ne di nka dilemo tse fihlellang ho tse hlano.

Re motlotlo ho tsebisa hore dilaesense tsa tshebediso ya metsi jwale di tla ntshuwa nakong ya matsatsi a 90.

 Ho ne ho atisa ho nka dikgwedi tse ngata pele khamphane e ngodiswa.

Ka lepatlelo la Bizportal, jwale motho a ka ngodisa khamphane ka letsatsi le le leng, a ingodise Letloleng la Inshorense ya ho Fellwa ke Mosebetsi (UIF) le Tshebeletsong ya Pokello ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) esita le ho bula akhaonte ya bankeng.

Madiboho a rona a subuhlellane ebile ha a sebetse hantle.

Kgabareng monongwaha, re tla etsa ditokiso tsa dintho tsohle Ledibohong la Durban – e leng setsi sa boraro se seholo ka ho fetisisa Hemisefiyeng e ka Borwa se amohelang merwalo e boima ka ho fetisisa – ho fokotsa ditjeo le ditiehiso.

Seabo sa bohlokwa ka ho fetisisa seo re ka se etsang kgolong ya moruo e kenyeletsang bohle, se ntshetsopeleng ya tsebo ya mesebetsi le bokgoni.

Botsetedi boo re bo etsang jwale ho ECD le ho dithuto tsa pele tsa sekolong, di tla tla le melemo e metlehadi ya moruo nakong ya dilemo tse 20 tse tlang – le ho feta moo, ho ya ho tse ding tse ngatangata.

Empa ho na le bokenadipakeng ba hanghang boo re bo etsang ho ntlafatsa boleng le ho tshwaneleha ha diphetho tsa thuto ya rona.

Re hatela pele ka ho lelekelwa ha mmotlolo wa kharitjhulamo e dikgutlo di tharo, ka ho etsa phallo ya bohlokwa tsepamisong ya maikutlo ho hahamalla thutong e nang le ya mesebetsi ya matsoho le ya setekgeniki.

Dithuto tse fapafapaneng tsa mesebetsi ya setekgeniki le ya matsoho di se di kgakotswe dikolong tse 550 athe dikolo tse 67 jwale di bula madiboho lehlakoreng la dithuto tse amanang le mesebetsi e qollotsweng.

Re aha dikholeje tse ntjha tse robong tsa TVET monongwaha, Sterkspruit, Aliwal North, Graaff Reinet le Ngqungqushe Kapa Botjhabela, esita le Umzimkhulu, Greytown, Msinga, Nongoma le Kwagqikazi KwaZulu-Natal.

Ka ditumellano tsa mahlakore a mabedi a baithuti le ba dibasari tseo re di tekennweng le dinaha tse ding, hanyane hanyane re ntse re aha lebotho la bohlokwa la batjha ba yang mose ho mawatle selemo le selemo bakeng sa ho rupellelwa tsebo ya mesebetsi ya bohlokwa.

Re bone sefutho seo ntho ena e ka bang le sona ka Lenaneo la Thupelo ya Bongaka la Nelson Mandela Fidel Castro Cuba, le rupelletseng dingaka tse kahodimo ho 1 200 athe baithuti ba bang ba 640 ba lebelletswe ho tjhesa mophato ka Tshitwe ya 2020.

Lenaneo lena ke seemahale se phelang ho dikokonono tsena tse pedi.

Ngwahola ke buile ka morero wa rona wa ho neana ka dikhomphyutha tsa dithabolete ho baithuti ba dikolo.

Mosebetsi wa ho aba dithabolete tsena o se o tswelapele.

Re ile ra re ngwana e mong le e mong ya dilemo di 10 o tshwanela ho kgona ho bala ka kutlwisiso.

Mananeo a rona a ho bala ha barutwana ba sa le mephatong e tlase a ntse a hola.

Monongwaha, re tla kenya khouding le dirobotiki Mephatong ya R ho ya ho 3 dikolong tse 200, ka morero wa ho di kenya tshebetsong ka botlalo ka 2022.

Re qetile ka ho thea Yunivesithi e ntjha ya Saense le Tshibollo Ekurhuleni.

Ekurhuleni ke yona feela toropo e kgolohadi naheng ya rona e se nang yunivesithi.

Sena se tla thusa batjha tikolohong eno hore ba rupellwe ka bosibolli ba thekenoloji ba boemo bo hodimodimo bakeng sa diindasteri tsa kajeno le tsa kamoso.

Botsetedi le kgolo di hloka tikoloho e bolokehileng, e tsitsitseng ebile e le e se nang ditlolo tsa molao.

Ntho ya bohlokwahlokwa ke ya hore e bohlokwa dithahasellong tsa batho bohle ba habo rona hore ba phele ka kgotso, ka tshireletso le ka boiketlo.

Ho bonahala ha mapolesa, thupello e ntlenyana le kabo ya disebediswa tse ngatanyana diteisheneng tsa sepolesa ke merero ya rona e ka sehloohong.

Ke beile ka sehloohong taba ya karabelo ya rona bothateng bo holang ba dihlopha tsa botlodi ba molao tse monyollang tjhelete dikonterakeng le dikgwebong tse ding.

Diyuniti tse qollehileng – tse kopanyang Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) le Lekgotla la Botjhutjhisi ba Naha (NPA) – di filwe thomo ya ho lwantsha ditlolo tsena tsa molao tse sitisang moruo.

Ho tshehetseng kgolo indastering ya bohahlaudi, SAPS e tla eketsa ponahalo ya mapolesa dibakeng tse hlwailweng tse hohelang bahahlaudi.

E rupella Balemohi ba Polokeho ya Bahahlaudi ebile e tla thea sepolesa sa marisefe se tla tsepamisa maikutlo bolebeding ba dibaka tse hohelang bahahlaudi.

Diyuniti tse lwantshang maqulwana a dinokwane di tla matlafatswa ho ya pele, moo karabelo e ka sehloohong e tla Kapa Bophirimela, Kapa Botjhabela, Gauteng le Freistata.

Kamora ho tjheswa ha mophato wa makolwane a sepolesa a 5 000 ngwahola, barupellwa ba bang ba batjha ba 7 000 ba sepolesa ba se ba amohetswe monongwaha ho matlafatsa sepolesa sa dibaka.

Ho ntlafatsa boleng ba dipatlisiso tse kgethehileng tsa SAPS ka kakaretso, re thea Yunivesithi ya Bofokisi ba Ditlolo tsa Molao Hammanskraal.

MaAforika Borwa a heso,

Nakong ya dikgwedi tse tharo tse fetileng, setjhaba se tshohlile haholo – dibakeng tsohle, mmusong, mekgatlong ya setjhaba, mekgatlong ya bodumedi, boahloding le palamenteng – ho fedisa ditlhekefetso tse etswang ke banna kgahlanong le basadi ba naha ya rona.

E bile karabelo e momahaneng ruri ebile e na le boikitlaetso ho tswa ho maAforika Borwa ohle.

Ka ho aha momahano ya setjhaba dikgutlong tsohle tsa setjhaba ho lwantsha sewa sena, re tla kgona ho fihlella tse kgolo.

Empa ena ke qaleho feela ya ntwa ena.

Morero wa dikgato tsa tshohanyetso re o kentse tshebetsong ra ba ra beella kathoko tjhelete e kaalo ka R1.6 bilione ho tshehetsa morero ho fihlela mafelong a selemo se hodimo sa ditjhelete.

Ho bile le kgatelopele dikarolong tse ngata.

Re tla hlomathisa Molao wa Merusu ya Malapeng e le ho tshireletsa diphofu hantlenyana tse dikamanong tsa malapeng tse nang le ditlhekefetso esita le Molao wa Ditlolo tsa Molao tsa Motabo ho atolla mekgahlelo ya botlodi ba molao ba motabo bao mabitso a bona a tlamehang ho kenngwa Lenaneng la Naha la Batlodi ba Molao ba Motabo, mme re tla fetisa molao wa ho thatafatsa maemo a beili le a ho ahlolwa dinyeweng tse amanang le ditlhekefetso tse amanang le bong (GBV).

Ha re ka ke ra lesa twantsho ya bonyofonyofo le tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso.

Re tlameha ho sebetsa mmoho ho tsetolla bonyofonyofo le ho matlafatsa tshebetso ya molao.

Ha re a tshwanela ho ntsha tjootjo kapa hona ho ikamahanya le diketso tsa bonyofonyofo.

Re tlameha ho matlafatsa tlwaelo ya rona ya ho tlaleha ditlolo tsa molao ha re di bona di etsahala.

Ntwa ena e ka hlolwa haeba e lwanwa ke setjhaba sohle, haeba re aha momahano e tiileng ya setjhaba ya dibopeho tsohle.

Kahoo, re amohela mosebetsi o kopanetsweng ke mmuso le mokgatlo wa setjhaba wa ho bopa mawala le morero wa ho kenya tshebetsong, o seng o le mathuleng a ho phethelwa ha mokgahlelo ona wa mosebetsi.

Re rera ho kgakola lewa bohareng ba selemo sena.

Khomishene ya Dipatlisiso ya Zondo ka Tshusumetso e Bolotsana Diqetong tsa Mmusong e tswelapele ka mosebetsi wa yona wa bohlokwa ka tshehetso e phethahetseng ya mmuso le ditheo tse ding.

Ke amohetse tlaleho e tebileng ebile e le e kgolohadi ka Khomishene ya Dipatlisiso ho Koporasi ya Matsete a Setjhaba (PIC).

Ke tla etsa hore e fumaneha setjhabeng hammoho le morero wa ho hahamalla pele ka diphumano le dikgothaletso matsatsi a mmalwa a tlang.

MaAforika Borwa a heso,

Ha re ntse re lokisa dintho tsa bohlokwa, ha re ntse re tebisa diphetoho tseo re di entseng, re hahamalla dikarolong tsa bohlokwa tsa kgolo e kenyeletsang bohle.

Ka SoNA e fetileng, ke ile ka re ena ke karolo ya bohlokwa ya matsete a tshehetsang diphetoho tse kgolo, kgolo le tlhahiso ya mesebetsi. 

Sehlopha sa ho kenya tshebetsong Letlole la Meralo ya Motheo se se se phethetse lenane la diprojeke tse seng di le malalaalaotswe ho isa matsoho dipekeng, ebile le se le qadile ka mosebetsi wa ho atollela matsete a poraefete makaleng a meralo ya motheo ya setjhaba a nang le mehlodi ya pokello ya tjhelete.

Tsena di akga dibaka tse kang bodulo ba baithuti, matlo a setjhaba, tlhahiso e ikemetseng ya metsi, diporo tsa diterene, phehlo e tsepameng ya motlakase, meralo ya motheo e toma ya bomasepala, le ho anetswa ha tshebeletso ya inthanete.

Sehlopha sena se na le projeke e motjheng ka kgonahalo ya matsete a kahodimo ho R700 bilione nakong ya dilemo tse 10 tse tlang, ho akga le dinyehelo tsa mmuso le tseo e seng tsa mmuso.

Dikgofu le disebediswa tse ding tse tshehla tseo e leng kgale re labalabela ho di bona dikgutlong tsohle tsa naha ya rona, di se di le mathuleng a ho boela di bonahala.

Lenaneo la matlo a setjhaba le reretsweng ho aha matlo a rentwang bakeng sa malapa a fumanang lekeno le fokolang le mothating wa ho kenngwa tshebetsong, le ka nnang la kwenya tjhelete e fihlang ho R9 bilione ya matsete a poraefete kahong ya matlo a ho rentisa a 37 000.

Batjha ba ithutang diyunivesithing le dikholejeng tsa TVET ba tobane le diphephetso tsa bodulo.

Ba bang ha ba na le dibaka tseo ba robalang ho tsona kamora dithutothupelo ebe ba kgetha ho robala dilaeboraring.

Re tla sebedisa R64 bilione dilemong tse leshome tse tlang bodulong ba baithuti mme bo tla kwenya le R64 bilione enngwe matseteng a porafete.

Diprojeke tsena tsa kaho di se di le malalaalaotswe hore di qalwe.

Haesale re ntse re bua ka Letamo la Umzimvubu le Kapa Botjhabela ka nako e atamelang dilemo tse leshome, empa ho se nko ho tswa lemina.

Re ikemiseditse ho hlola diphephetso tsa ditjhelete le dintho tse ding tse neng di sitise tswelopele di bile di tima batho ba dibaka sesebediswa se bohlokwa hakaalo.

Kaho ya mmila e se e qadile setsheng seo, mme haufinyane ke tla etela setsha seo ho ya netefatsa hore re ntshetsa mosebetsi ona pele.

Monongwaha re kgakola Letlole la Tekano ya Bohahlaudi, e le ho hotetsa tlhase ya diphetoho tse kgolo bohahlauding.

Ngwahola, ke ile ka kopa setjhaba hore se ikamahanye le nna karaburetsong ya toropo e kgolo e ntle e ntjha, toropo e kgolo eo e leng ya sebele kamora puso ya kgethollo e tla hola e be e fetole sebopeho sa kaho ya setjhaba le moruo tsa puso ya kgethollo.  

Toropo e kgolo e ntjha e ntle e se e bonahala sebopeho Lanseria, moo batho ba 350 000 ho isa ho 500 000 ba tla e bitsa lapeng nakong ya dilemoshome tse tlang.

Mosebetsi ona o tswelang pele o etelletswe pele ke Kantoro ya Matsete le Meralo ya Motheo e Boporesidenteng hammoho le mebuso ya diprofense tsa Gauteng le Leboya Bophirimela, di sebetsa mmoho le masepala wa Johannesburg, wa Tshwane le wa Madibeng.

 Re sebetsa mmoho le ditheo tsa ditjhelete tsa ntshetsopele, re kgobokantse mosebetsi wa bosibolli o tla thusa ka tjhelete moqeqekong wa tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakaseng, metsi, meralong ya motheo ya dijithale le mebila, tse tla ba motheo wa toropo e kgolo e ntjha.

Ha e na ho ba ntlehadi le ho ba malalaalaotswe ka 5G feela, empa e tla ba mohlala o itlhommeng pele wa meralo ya motheo e sa senyeng tikoloho khontinenteng ena esita le matjhabeng.

Re tla thakgola lenaneo le leng lesele la mebila ya makeisheneng le mahaeng moo mehlala ya mebila e bolelele ba 50 km o le mong e tla ahwa dibakeng tse fapaneng tsa naha ena.

Kgato ena e tla thusa ditharollong tse ntle tsa ditjeo Pusong, phetisetso e bonahalang ya boqhetseke ba mesebetsi le bokgoni ba boemo bo hodimonyana ba tlhahiso e batsi ya mesebetsi ho feta mekgwa ena e lebelletsweng ya kaho ya mebila.

MaAforika Borwa a heso,

Re tobane le koduwa ya leqeme la mesebetsi ya batjha. 

Ho batjha ba 1.2 milione ba tsomang mesebetsi selemo le selemo, ba ka etsang karolo ya bobedi borarong ba dula ba sa sebetse, ba sa ithute ba bile ba sa rupellwa ka letho.

Batjha ba kahodimo ho halofo ya palo yohle ya batjha, ha ba sebetse. Ntho ena ke koduwa.

Re tshwanela ho etsa hore naha ena e sebeletsa batjha, ho etsetsa hore ba tle ba sebeletsa naha ya rona.

Tharollo e tlameha ho ba mahlakore a mabedi koduweng ena – bohle re tlameha ho thea mesebetsi bakeng sa kgiro ya batjha le ho thea menyetla bakeng sa ho itshebetsa.

Ha re shebana le ho thea mesebetsi bakeng sa kgiro ya batjha, ho tloha kajeno, re thakgola ho kenngwa tshebetsong ha Bokenadipakeng ba Moporesidente ba Mesebetsi ya Batjha – e leng dikgato tse tsheletseng tse ka sehloohong nakong ya dilemo tse hlano tse tlang e le ho fokotsa leqeme la mesebetsi ya batjha.

Taba ya pele, re kutla ditsela tsa batjha hore ba kene moruong.

Re aha dipetswamajweng tsa ditharollo tse fihlella batjheng kae kapa kae moo ba leng teng – diinthaneteng, difonofonong esita le ho ya ho bona ka nama.

Sena se tla ba thusa hore ba fumane tshehetso e bonahalang, lesedi le thupelo e tla ba etsa hore ba lokele mesebetsi, ho eketsa malebela a bona a ho hireha le ho inyalanya le menyetla.

Ho tloha kgweding ena, re kgakola ditsha tse hlano tsa pulamadiboho diprofenseng tse hlano tse tla hola hore e be marangrang a naha a fihlellang batjheng ba dimilione tse tharo ka metjha e mengatanyana.

Sena se tla ba thusa ho fumana tshehetso e bonahalang, lesedi le thupelo e tla ba etsa hore ba lokele mesebetsi, ho eketsa malebela a bona a ho hireha le ho inyalanya le menyetla.

Ya bobedi, re fetola ka bokgabane mokgwa oo re rupellang batjha ba rona ka ona bakeng sa mesebetsi ya kamoso, re fana ka dithuto tsa nako e kgutshwane tse thulang hohle boqhetsekeng bo qollehileng ba mesebetsi eo bahiri ba e hlokang makaleng a holang ka potlako.

Ya boraro, re bopa mekgwa e metjha ya bosibolli ya ho tshehetsa bohwebi ba batjha le ho itshebetsa.

Ya bone, re phahamisa maemo a Tshebeletso ya Mesebetsi ya Batjha re sebetsa le dikholeje tsa di-TVET le lekala la poraefete ho netefatsa batjha ba bangata ba fumana malebela a tshwarehang mesebetsing e le ho phethela dithupelo tsa bona.

Ya bohlano, re thea lebotho la ho qala la Lenaneo la Moporesidente la Mesebetsi ya Batjha le tla utolla mahlahahlaha a batjha le be le ba fe menyetla ya ho iphumanela lekeno ha ba ntse ba kenya letsoho kahong ya batjha.

Ya ho qetela, re tla etella pele kgato ya mesebetsi ya batjha e tla thuswa ka ditjhelete ka hore ho beellwe kathoko 1% ya bajete e le ho lwantshana le sekgahla se hodimo sa leqeme la mesebetsi ya batjha.

Sena se tla etsahala ka hore ho kgepholwe bajeteng, e leng ntho e tla hloka hore bohle re itime tse ding mme re tshwephole mehlodi e meng hore e ilo rarolla koduwa ya naha ya leqeme la mesebetsi ya batjha.

Letona la tsa ditjhelete le tla bea kgato ena ka sehloohong le be le fane ka dintlha tse tebileng ha le tshetleha Polelo ya Leano la Bajete ya Nako e Bohareng hamorao monongwaha.

Dikgato tsena tse tsheletseng di le mmoho, di tla netefatsa hore motho e mong le e mong ya motjha naheng ena o na le sebaka seo a ka yang ho sona, le hore mafolofolo le bokgoni ba bona di a nosetswa, le hore ba kgone ho kenya letsoho kgolong ya dibaka tsa habo bona le ya naha ya habo bona.

E le karolo ya bokenadipakeng bona, Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA) le Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane di tla fana ka dithuso tsa ditjhelete le tshehetso ya kgwebo batjheng ba bahwebi ba 1 000 matsatsing a lekgolo a tlang – ho tloha hosane.

Re memme ba bararo ba batjha bana ba bahwebi ho ba le rona kwano phirimaneng ena: Siyabonga Tiwana, Sibusiso Mahone le Tholakele Nkosi.

Bona le ba bang ba tshwanang le bona ba a paka hore, ha ba ka fuwa tshehetso e hlokehang, batjha ba ka itheela menyetla ya bona.

Batjha bana ba bararo ba bahwebi ba bopa karolo ya lenaneo le leholwanyane la ho thusa batjha ba bahwebi ba 100 000 nakong ya dilemo tse tharo tse tlang hore ba fuwe dithupello tsa boqhetseke ba dikgwebo, ho nolofaletswa dithuso tsa ditjhelete le ho kena mebarakeng.

Matlafatso ya basadi e bohlokwa haholo kgolong ya moruo o kenyelletsang bohle.

Re lelekela lepatlelo la SheTradesZA ho thusa dikgwebo tseo e leng tsa basadi ho kenya letsoho dikgwebong tsa lefatshe lohle esita le mebaraka.

Nakong ya dilemo tse hlano tse tlang, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) e habile ho fihlella ho R10 bilione ya dithuso tsa ditjhelete tsa beng le balekane bakeng sa dikgwebo tse matlafatsang basadi.

Ho thea mebaraka e meholwanyane bakeng sa dikgwebo tse nyenyane, re rera ho anetsa dihlahiswa tse 1 000 tse hlahisitsweng kwano lapeng tse tlamehang ho fumanwa Dikgwebong tse Nyenyane le tse Bohareng (SMME).

Haufinyane Bili ya Phumantsho e tla tekwa Palamenteng e le karolo ya matsapa a rona a ho matlafatsa dikgwebo tsa ba batsho tse thuthuhang le ho ntshetsapele diphetoho tse potlakileng tsa moruo.

Monongwaha re matlafatsa boikitlaetso ba rona ba matsete ka ho thewa ha bokgoni bo kopantsweng ba papatso le nolofatso ya matsete tse hlophisitsweng Boporesidenteng.

Re tla tshwara Seboka sa rona sa boraro sa Matsete Aforika Borwa ho hlophabotjha taba ya ho kenngwa tshebetsong ha boikitlaetso ba nako e fetileng esita le ho bopa matsete a matjha moruong a rona.

Sebokeng sa bobedi sa Matsete Aforika Borwa sa ngwahola, dikhamphane tse kahodimo ho 70 di entse boitlamo ba botsetedi ba R364 bilione diindastering tse kang tlhahiso e tswetsweng pele, dihlahiswa tsa temothuo, meralo ya motheo, merafo, ditshebeletso, bohahlaudi le tsa kamohelo ya baeti.

Dilemong tse pedi tsa pele tsa boikitlaetso ba thahasello ya rona ya matsete, re nyollotse kotla ya R664 bilione boitlamong ba matsete, e leng kahodimo ho halofo ya sekepele seo re ipeetseng sona sa R1.2 trilione.

Taba ya bohlokwa ka ho fetisisa, matsete ana a na le sefutho se bonahalang.

Hona jwale, diprojeke tsa matsete a boleng ba R9 bilione di se di phethetswe mme diprojeke tse 27 tsa boleng bo kahodimonyana ho R250 bilione di mekgahlelong ya ho kenngwa tshebetsong, le tse ding tse ngata tse tlang motjheng monongwaha.

Ke ile ka etela difeme tse sa tswa ahwa tse etsang di-smartphone, le ditsi tse atolletsweng ho hlahisa makoloi a mangatanyana, ka ba ka phunyeletsa leroleng le ditsheng tsa kaho ditsing tsa diindasteri.

Re ile dipelong tsa ditsi tse hlahisang lethathama la thepa ya dithapo tsa motlakase, dihlahiswa tsa bohlweki, mathaere le dijo.

Re entse kgatelopele ya bohlokwa ho phetheleng le ho kenya tshebetsong merero ya sehlooho dikarolong tse hlokolotsi tsa moruo wa rona.

Merero ena ya sehlooho e kopanya mmuso, bosebetsi le dikgwebo mmoho e le ho bopa mekgwa e bonahalang ya ho kgothaletsa kgolo boemong ba lekala moo molekane e mong le e mong a sebeletsang ho e etsa hore e atlehe.

Re leboha mohato o moholo Morerong wa Sehlooho ho tsa Makoloi moo re rekiseditseng lefatshe lohle makoloi a mangata le ho feta pele, mme re fana ka mesebetsi ho batjha ba Kapa Botjhabela le KwaZulu-Natal.

Re kgakotse setsi se seholohadi se setjha sa moruo o kgethehileng wa makoloi Tshwane, se tla atolla tlhahiso ya kwano lapeng ya disebediswa.

Morero wa Sehlooho wa Diaparo le Masela, o tekennweng ngwahola, o habile ho thea mesebetsi e metjha e 121 000 lekaleng la thekiso ya diaparo le dieta nakong ya dilemo tse leshome.

E amana le boitlamo ba barekisi hore ba reke thepa kwano lapeng, ba bahlahisi hore ba tsetele ba be ba tshehetse diphetoho, esita le bosebetsi ho aha mekgatlo e tla kgothaletsa tlhahiso ya ka potlako.

Karolong ya ona, mmuso o se o qadile ho nka dikgato tse matla kgahlanong le ditswantle tse seng molaong, moo o hapileng dikhonteina tse ka bang 400 tse nang le dihlahiswa tse sa ngodiswang sehleng sa ho qetela sa 2019.

Sutu ena eo ke e apereng kajeno, jwaloka ngwahola, e entswe ka motlotlo ke basebetsi ba Aforika Borwa. Ke batla ho kgothaletsa bohle ho re reke dihlahiswa tsa Aforika Borwa.

Re phethetse Morero wa Sehlooho wa tsa Dikgoho e le ho tshehetsa dihwai tsa dikgoho le bahlahisi ba dihlahiswa tsa nama ya dikgoho ebe re boloka mesebetsi e 54 000 ha re ntse re thea mesebetsi e meng e metjha.

Indasteri ena jwale e tsepame kgolong, tlhahisong e tomanyana le matseteng a mangatanyana.

Nakong ya dibeke tse pedi, re tla rala phetolo e ntjha ya ditefiso tsa lekgetho la dikgoho tsa ditswantle ho tshehetsa indasteri ya kwano lapeng.

Re se re entse morero le dihwai esita le basebedisi ba diindasteri ho boloka mesebetsi indastering ya tswekere mme re tla phethela Morero wa Sehlooho wa Tswekere nakong ya dibeke tse tlang tse tsheletseng; ebile re lebeletse Morero o motjha wa Sehlooho wa tsa Ditshepe hore o phethelwe dikgweding tse tsheletseng tse tlang.

Ho tloha kajeno, melao e metjha e phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso e tla thusa ka dipatlisiso le dikgato tse tla nkuwa kgahlanong le tshebediso e mpe ya matla a ho reka le kgethollo ya ditheko.

Sena se tla thusa le lepatlelong la dikgwebo tse nyenyane le tse thuthuang hore ho se be le kgethollo.

Dipatlisiso ka mebaraka e amanang le ditshebeletso tsa data, mebaraka e rekisang di-grosare esita le tlhokomelo ya bophelo bo botle di fane ka dikgato tsa motheo tsa ho fokotsa ditjeo ho bareki le ho etsa hore makala ana a be le tlhodisano e kgolwanyane.

Ba apesitsweng matla ho tsa ditlhodisano jwale ba sebeletsa ho fumana tharollo le bafani ba baholo ba ditshebeletso tsa difonofono tsa letsoho ho fumana dipukutlo tse kgolo dithekong tsa data dibantleleng tsohle tsa kgwedi le kgwedi tsa pre-paid, dinyehlisetso tse ding hape tse reretsweng malapa a nang le lekeno le tlase haholo, kabelo ya mahala ya letsatsi le letsatsi ya data esita le phihlello ya mahala diwebsaeteng tsa thuto esita le tse ding tseo setjhaba se nang le thahasello ho tsona.

Ena ke kgato ya bohlokwa ya ho ntlafatsa maphelo, ho kenya batho moruong wa dijithale le ho hotetsa tlhase ya dikgwebo tse etswang inthaneteng.

Hanyane hanyane moruo wa dijithale o tla fetoha mosusumetsi wa kgolo le mothei wa mesebetsi.

Khomishene ya Moporesidente ka Mokgahlelo wa Bone wa Diphetoho tsa Diindasteri tsa Theknoloji, e entse dikgothaletso tse batsi tse batlang di ama karolo enngwe le enngwe ya moruo esita le dikarolo tse ngata maphelong a rona.

Tlaleho ya khomishene e re fa disebediswa tsa ho netefatsa hore re monyolla molemo wa tonanahadi diphetohong tsena tsa ditheknoloji.

Boemo ba bohlokwa ba katleho ya moruo wa rona wa dijithale ke boteng ba tlhokeho e kgolo ya lepatlelo la ho atolla phihlello le tshepahalo ya inthanete.

Molaodi wa tsena, Lekgotla le Ikemetseng la Dikgokahanyo la Aforika Borwa (ICASA), o itlamme ka ho phethela ho ntshuwa ha dilaesense tsa tlhokeho e kgolo ya lepatlelo bakeng sa indasteri ena ka mokgwa wa thekiso ya fantisi pele ho mafelo a 2020.

Ka lebaka la ditlhokeho tse ding tse eketsehileng, ho ntshuwa ha laesense ya se bitswang Wireless Open Access Network (WOAN) ho ka nna ha phethelwa kgabareng ya isao.

Temothuo ke enngwe ya diindasteri tse nang le bokgoni bo boholohadi ba kgolo.

Monongwaha re kenya tshebetsong dikgothaletso tsa sehlooho tsa Lekgotla la Boeletsi ba Moporesidente ka Tlhabollo ya Mobu le Temothuo ho akofisa kabobotjha ya mobu, ho atolla dihlahiswa tsa temothuo esita le ho fetola indasteri ena. 

Mmuso ke malalaalaotswe – kamora ho phethelwa ha mosebetsi wa Palamente wa ho hlomathiswa karolo ya 25 ya Molaotheo – ho teka Bili ya ho Nkuwa ha Thepa, e hlalosang maemo ao ka ona ho nkuwa ha thepa molemong wa setjhaba ntle le ditlhapiso ho tla amoheleha.

Ho fihlela kajeno, re neane ka dihekthara tse 44 000 tsa mobu wa mmuso bakeng sa tefo ya ditseko tsa pusetso ya mobu, mme monongwaha re tla neana ka dihekthara tse ka bang 700 000 tsa mobu wa mmuso bakeng sa tlhahiso ya temothuo.

Re bea ka sehloohong batjha, basadi, dikowa le bao ba neng ba ntse ba lema mobu wa setjhaba mme ba malalaalaotswe ho atolla ditshebetso tsa bona bakeng sa thupelo le kabo ya mobu.

Leano le letjha la ho kgetha ba folang molemo le akga thupelo e tlamang bakeng sa ba tshwanetsweng ke ho fola molemo, pele ba ka abelwa mobu.

Ka lebaka la komello e dikarolong tse ngata tsa naha ena, dihwai di senyehetswe ke dijalo le diphoofolo athe le basebetsi ba bangata ba lahlehetswe ke mesebetsi le maphelo.

Re sebetsa le Lekgotla la Bofuputsi ba tsa Temothuo le mekgatlo e meng ya saense le temothuo, re ahile mawa a ho notla komello a tsepameng ho etsuweng ha peo e sa tshabeng komello, ho lema le ho boloka furu, ho fothola dimela tsa mefoka esita le mawala a bolaodi ba ho thibela tshenyeho ya mobu.

Monongwaha re tla bula re be re laole thekiso ya dihlahiswa tsa matekwane, re fana ka menyetla dihwai tse nyenyane; re be re bope leano la tshebediso ya dihlahiswa tsa matekwane molemong wa meriana ya bongaka, ho aha indasteri ena ho ya ka ditlwaelo tsa lefatshe lohle.

Haufinyane dikgato tsa taolo di tla tsebiswa ke matona a tshwanelehileng.

Maemo a bohlokwa a kgolo le ntshetsopele ke setjhaba se phetseng hantle se bile se na le tlhahiso, ka phihlello tlhokomelong ya bophelo bo botle ya boleng ebile e le e fihlellehang.

Re e elelletswe tshehetso e hlamaselang ya maAforika Borwa nakong ya dipitso tsa nonyo ya maikutlo a setjhaba ka Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI), mme ho bewa mekgwa ya ho kenngwa tshebetsong kamora ho phethelwa ha mesebetsi ya Palamente.

Ho hlophisetseng NHI, re se re ngodisitse batho ba kahodimo ho 44 milione ditleliniking tse kahodimo ho 3 000 ka mokgwatsamaiso wa Boingodiso ba Mokudi wa tsa Bophelo bo Botle wa elektroniki, mme jwale re kenya mokgwatsamaiso ona dipetlele.

Ke se ke theile Setlamo sa Moporesidente se Sebetsang ka Bokowa ho eletsa kantoro ya ka ka mekgwa ya ho ntshetsapele matlafatso ya batho ba holofetseng jwalokaha mmuso o rera, o etsa dibajete o bile o kenya tshebetsong mananeo a ona.

Kamora kananelo ya Lefapha la Thuto ya Motheo ya 2018 ya Puo ya Matsoho ya Aforika Borwa e le puo ya lapeng esita le kgothaletso ya Komiti ya Palamente ya Tlhophobotjha ya Molaotheo hore e be puo ya bo12 ya semmuso, jwale re mathuleng a ho phethela taba ena.

MaAforika Borwa a heso,

Pejana bekeng ena, ke kgutlile Addis Ababa Ethiopia, moo Aforika Borwa e qadileng ka Bodulasetulo ba Kopano ya Aforika (AU) bakeng sa 2020.

Re nka boikarabelo bona ka nako ya bohlokwa khontinenteng ya rona.

Monongwaha, Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng sa Khontinente ya Aforika (AfCFTA) se tla kgakolwa.

Ona ke monyetla wa rona, re le batho ba khontinente ena, hore re phethahatse ditoro tsa bathei ba kopano ya Aforika.

Aforika Borwa e tla tshwara Seboka se Qollehileng sa AU monongwaha ka Motsheanong, ho phethela mekgwa ya AfCFTA pele e kenngwa tshebetsong ka la 1 Phupu 2020.

Mona re tla phethela melawana e hlalosang hore na ho bolelwang ha ho thwe sehlahiswa ‘Se entswe Aforika’, sekepele sa ditefiso se tla theolelwa ho lefeela nakong ya dilemo tse hlano tse tlang, esita le makala a ditshebeletso a tla bulwa khontinenteng ena ka bophara.

Ntumelle ho nka monyetla ona ho thoholetsa ngwanabo rona, Monghadi Wamkele Mene, ya ileng a kgethwa e le Mongodi Kakaretso wa pele wa AfCFTA mafelong a beke ena e fetileng, hammoho le ho mo netefaletsa ka tshehetso ya rona e phethahetseng jwaloka ha a thakgola boikarabelo bona bo etsang nalane bo bile bo phephetsa.

Kahoo, Aforika Borwa e beile ka sehloohong taba ya matlafatso ya basadi ba Aforika moruong nakong ya sehla sa yona Bodulasetulong ba AU, e sebetsa le dinaha tsohle tseo e leng ditho ka mekgwa ya ho kgothaletsa tsa ditjhelete tse kenyelletsang bohle, phumantsho e kgethehileng le ditumellano tsa kgwebisano tse kgethehileng bakeng sa basadi.

Dihlooho tsa Dinaha tsa AU di tshepisitse ka tshehetso ya tsona bakeng sa mekgwa ya ho fedisa Ditlhekefetso tse Amanang le Bong (GBV) khontinenteng, mme di tla sebeletsa ho ananela Selekane sa AU Ditlhekefetsong tse kgahlanong le Basadi kgabareng ya monongwaha.

Ka Mokgwa wa Aforika wa Tlhophobotjha ya Boitlhahlobo ba Dinaha (APRM), Aforika Borwa e tla sebetsa le dinaha tse ding ho ntshetsapele puso e ntle le demokrasi.

Re tla sebedisa tsohle tseo re nang le tsona – ho akga le maemo a rona a ho ba setho sa Lekgotla la Tshireletso la UN – ho kgothaletsa kgotso le tshireletso khontinenteng.

Ditho tse Kgabane,

MaAforika Borwa a heso,

Ntho enngwe le enngwe eo re e etsang e tlameha ho matlafatswa ke ho kenngwa tshebetsong ho kgabane.

Ke kahoo re ahileng DDM, mokgwa o qollehileng wa momahanyo ya setjhaba o kenyelletsang ba nkang seabo ba bohlokwa diterekeng tsohle, ho etsetsa hore re kgone ho utolla menyetla ya ntshetsopele le ya moruo.

E aha bokgoni ba Naha moo bo swahlamaneng ka ho fetisisa.

Nakong ya SoNA ya Hlakola 2019, ke ile ka bua ka mesebetsi e mehlano e neng e potlakileng ka ho fetisisa ka nako eo, o mong o neng o le ka sehloohong e ne e le tlhokeho ya ho matlafatsa bokgoni ba Naha ba ho rarolla ditlhoko tsa batho.

Lethathama le batsi la mosebetsi wa bohlokwa le a etsuwa hohle mmusong e le ho matlafatsa bokgoni ba mmuso wa dibaka, e le lekala la mmuso le haufiufi le batho, ho fihlella thomo ya wona ya ntshetsopele ho fumana mekgwa ya nako e telele ya ho kgahlametsana le ditlhoko tsa kahisano, tsa moruo le dintho tse tshwarehang tsa setjhaba esita le ho ntlafatsa boleng ba maphelo a bona.

Mebuso ya diprofense le wa naha e tla tiisa meqheleba ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba bomasepala jwaloka ha ho hlokeha Karolong ya 154 ya Molaotheo e be e fane ka bodisa le tshehetso bomasepaleng.

Ke ha sebopeho sa tshehetso se hlolehile feela moo phethahatso ya diprofense kapa mmuso wa naha o tla sebedisa bokenadipakeng ba Karolo ya 139 ho matlafatsang mmuso wa dibaka.

Ha jwale ke bomasepala ba 40 naheng ena ba tobaneng le bokenadipakeng bo jwalo.

Dikgato tse tla nkuwa di tla thusana le dipheo tsa mmotlolo o motjha wa ntshetsopele o itshetlehileng diterekeng, o habileng ho nka mokgwa o kopantsweng wa phano ya ditshebeletso.

Badudi ba Masepala wa Mamusa Leboya Bophirimela ba se ba e bone ntho ena e etsahala, moo DDM e ileng ya sebediswa ka bokgabane ho hlwekisa dithotobolo tse seng molaong, ho ntjhafatsa diteishene tsa dipeipi tse tsamaisang mekedikedi ho thibela ho qhalana ha dikgwerekgwere diterateng, ho aha mebila le ho rapalatsa dipeipi tsa metsi, esita le ho fana ka metsi le matlwana dikolong.

Monongwaha re rera ho atolla DDM ho ya diterekeng tse ntjha tse 23, re nka dithuto diterekeng tse tharo tsa bopulamadiboho – Masepala wa Setereke sa OR Tambo, Ethekwini le Masepala wa Setereke sa Waterberg.

Ho matlafatsa bokgoni ba Puso le ho eketsa boikarabelo, ke tla tekena ditumellano tsa tshebetso pele ho mafelo a kgwedi ena.

Ditumellano tsena – tse itshetlehileng dipehelong tse fuperweng ke Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) – di tla phatlalatswa ho etsetsa hore batho ba Aforika Borwa ba kgone ho tseka boikarabelo bakgethweng ba bona.

Re bona ditumellano tsena tsa tshebetso e le motheo wa tlwaelo e ntjha ya ponaletso le boikarabelo, moo bao ba filweng boikarabelo ba ho sebeletsa setjhaba – le haeba e le bakgethuwa kapa basebeletsi ba setjhaba – ba etsa seo ba lebelletsweng hore ba se etse.

Ke tlwaelo eo ho yona bonyofonyofo, sewesoweso le matla a mabe a taolo di sa mamellweng, mme dikgato di nkuwa kgahlanong le bao ba sebedisang matla a bona hampe kapa ba utswang tjhelete ya setjhaba.

Haesale ke ne ke qale ho kena kantorong, re se re ahile bokgoni Boporesidenteng le dibakeng tse ding kwano Naheng ho akofisa kgatelopele lenaneng le hlakileng la ditlhabollo tse potlakileng.

Re theile Kantoro ya Bolaodi ba Diprojeke, Yuniti ya Meralo ya Motheo le Botsetedi esita le Ditshebeletso tsa Maano le Bofuputsi ho rarolla bothata ba ditshita tsa tlhabollo le ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso tsa mmuso. 

Diyuniti tsena di sebedisana le Khomishene ya Moporesidente ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo, InvestSA le Setlamo sa Mosebetsi wa ho Nolofatsa ho etsa Kgwebo ho tlosa bothata ba ditshita botseteding le kgolong esita le ho netefatsa hore mmuso o bontsha kgatelopele ka potlako.

Ka metjhine e sebetsang hantle ebile e le e nang le bokgoni e teng jwale setsiketsing sa mmuso, re tla tsepamisa maikutlo ditlhabollong tse potlakileng ka ho fetisisa re be re kene dipakeng moo ho hlokehang ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ho hotle.

MaAforika Borwa a heso,

Re iphumana re le mothating wa bohlokwa nalaneng ya rona.

Ke nako ya mathata a maholo le qeaqeo, empa hape ke nako e emereng menyetla e meholo.

Nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng, re sebeditse mmoho ho aha motheo wa kgatelopele.

Jwale ke nako ya hore re ahelle hodima motheo oo, ya ho kopana, ho sebetsa le ho petlella re ya pele.

Ha re ka ke ra lahlela bokamoso ba rona qeaqeong, matshwenyehong, kapa dikarohanong kapa ho bao ba senyang motjhaotjhele ho nka mosebetsi o seng o etsuwa wa ho ntlafatsa maphelo a batho ba habo rona.

Re tla tswelapele ka mohwanto wa rona wa ho ntlafatsa maphelo a batho ba habo rona.

Re tla sikara phetoho.

Re tla ananela boleng ba bophelo.

Ha re na ho tshaba letho.

Ha re etsa jwalo, re tla hopola mantswe a kgothatsang a e mong wa dibini tse ratwang ka ho fetisisa Aforika Borwa, uBab’ uJoseph Shabalala, mothei wa Ladysmith Black Mambazo, eo re ilang ho hlokahala ha hae bekeng ena.

Leha a ngotswe nakong esele, mantswe a hae e ntse e le nnete:

“Re ka nna ra tobana le moepamoholo monyolosa thaba,

Ra tlameha ho tshela mawatle a tuduanang,

Empa re tlameha ho tsepama nalaneng ya rona,

Re be re phele ka seriti,

Ha re ntse re hlwa matsatsa ho ya ka sehlabeng

Tsatsi le letjha le tjhabile.”

Ke a leboha.