Back to top

Primary tabs

Puo ya Boemo ba Naha ka Mobabatsehi Jacob G Zuma, Moporesidente wa Rephaboliki ya Aforika Borwa Sebokeng sa Kopanelo sa Palamente, Motse Kapa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA),
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP),
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa NA le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Motlatsi wa Moporesidente wa Rephaboliki, Mohlomphehi Cyril Ramaphosa,
Motlatsi wa Moporesidente wa mehleng ya Hlomphehang Kgalema Motlanthe,
Moahlodi e Moholo ya Hlomphehang wa Rephaboliki, le ditho tse hlomphehang tsa Boahlodi,
Matona le Batlatsi ba Matona ba Hlomphehang,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Makgotla a Ketsamolao a Diporofense,
Modulasetulo wa Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae wa Aforika Borwa, le boetapele bohle ba mmuso wa dibaka,
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso,
Dihlooho tsa Ditheo tsa Mmuso tse Tshehetsang Molaotheo wa Demokerasi,
Baetapele ba tswang makaleng ohle,
Ditho tsa bodipolomate,
Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Hlomphehang
MaAforika Borwa a heso,

Good evening, sanibonani, molweni, riperile, dumelang, ndi madekwana, goeie naand.

Ke nyakallo e kgolo ho bua le lona Puong ena ya pele ya Boemo ba Naha botsamaising bona ba bohlano ba demokrasi.

E re ke qale ka ho fetisa molaetsa wa matshediso ka ho hlokahala ha Mongodi wa Palamente, Ntate Michael Coetzee.

Seabo sa hae ntweng ya tokoloho le demokrasi se ke ke sa lebalwa.
Bekeng e fetileng re hlokahalletswe hape ke mma rona, Mme Epainette Mbeki. Tataiso ya hae le bohlale ba hae di tla hopolwa haholo. Re fetisetsa matshediso a rona ho ba lelapa la Mbeki.

Re utlwela bohloko ba malapa a ditho tsa Lebotho la Sesole sa Naha la Aforika Borwa (SANDF) ba hlokahaletseng kotsing ya ho swahlamana ha serwalankgwana kajeno Mpumalanga nakong ya kampo ya boikwetliso. Re lakaletsa ba lemetseng hore ba fole ka potlako.

Baheso,

Re sa tswa feta dikgethong tse akaretsang tsa naha tse atlehileng haholo tse neng di tshwerwe ka la 7 Motsheanong. Re ikemiseditse ho sebetsa le mekga yohle e Palamenteng ha re ntshetsa Aforika Borwa pele.

Puong ya Boemo ba Naha ka Hlakola, ke ile ka pheta pale e monate ya dilemo tse 20 tsa tokoloho le demokrasi.

Re boletse hore Aforika Borwa ke sebaka se betere ho phela ho sona ho e na le seo e neng e le sona ka 1994, ebile maphelo a dimilione tsa batho ba habo rona a ntlafetse.

Leha ho le jwalo, Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le ntlhakgolo ya Tjhebobotjha ya Dilemo tse Mashome a Mabedi ya Boporesidente, diphephetso tse tharo tsa bofuma, ho se lekane le leqeme la mesebetsi di tswela pele ho ama maphelo a batho ba bangata.

Jwaloka ha re kena mokgahlelong wa bobedi wa phetoho ho tloha kgethollong ho ya setjhabeng sa naha e laolwang ka demokrasi, re tshwanela ho tsepamisa maikutlo phetohong e matla ya maemo a maphelo le a moruo ho fedisa diphephetso tseo tse tharo.

Phetoho e ke ke ya tla ntle le dikgato tse itseng tsa ho kena dipakeng.
Re se re lokisitse Lenaneo la Tshebetso le itshetlehileng Mohoong wa Dikgetho wa ANC le NDP.

Moruo ke wona o bohlokwa lenaneong lena. Ke tumelo ya rona e matla hore sebetsa se sebetsang hantle ka hofetisisa letsholong le lwantshang bofuma, ke ho thewa ha mesebetsi e metle, mme ho thewa ha mesebetsi ho hloka kgolo e potlakileng ya moruo.

Re iketseditse peelo ya kgolo ya 5% ka 2019. Ho fihlella sena, re tla tsitlallela mehato e fapaneng le bokenadipakeng ba ho thakgola moruo.

Re iketseditse peelo ena nakong ya mathata. Moruo o hotse ka sekgahla se katlase ho bokgoni ba wona dilemong tse tharo tse fetileng mme malapa a mangata a hula ka falese.

Le leng la mabaka a bakileng kgolo e sisithehang ke ho putlama ha moruo lefatsheng, athe la bobedi ke maemo a kahare naheng, a kang diteraeke tse hulang nako e telele mme ka nako tse ding di na le dikgoka, hape le kgaello ya eneji.

Ka lebaka la thefuleho ya tikoloho e tsheremang ya dikamano mesebetsing, ho bohlokwa hore balekane ba setšhaba ba kopane mme ba tshohle taba ya dikgoka le bolelele ba nako ya diteraeke.

Balekane ba setšhaba ba tla tshwanela le ho bua ka ho se lekane ha meputso. Ka lehlakoreng la rona re le mmuso re tla batlisisa, nakong ya sehla sena, kgonahalo ya moputso o tlase naheng e le o mong wa mekgwa ya bohlokwa ya ho fokotsa ho se lekane ha tjhelete ya meputso.

Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla epa pitso ya dipuisano tsa balekane, kahare ho tikoloho ya Nedlac.

Ya bobedi, Mmuso o tla nka seabo sa wona ho kenngweng tshebetsong ha katleho e kgolo ya Tumellano ya Moralo wa Indasteri ya Merafo ya Nako e Telele eo ho dumellanweng ka yona ke ba tsa mesebetsi, ba kgwebo le mmuso ngwahola, katlasa boetapele ba Motlatsi wa Moporesidente wa Mehleng, Kgalema Motlanthe.

Mosebetsi oo o se o tla etellwa pele ke Moporesidente.

Re tla kenya tshebetsong boikitlaetso ba ho aha matlo le ho fana ka ditshebeletso tse ding ho tsosolosa ditoropo tseo merafo e leng ho tsona, e le karolo ya tumellano ya Mphalane 2012 dipakeng tsa ba kgwebo, mmuso le ba tsa mesebetsi.

Tsepamiso ya maikutlo e dibakeng tsa merafo tsa Matlosana, Emalahleni, Sekhukhune, Lephalale, West Rand le Matjhabeng.

Komiti ya Matona ho tsa Tsosoloso ya Dibaka tse Thefulehileng tsa Merafo e se e theilwe tlasa boetapele ba Letona la Boporesidenteng le ikarabellang ho tsa Merero, Bodisa le Tekolo ya Tshebetso, Ntate Jeff Radebe.

Ditho tsa komiti di akga Matona la Lefapha la Dirashwa, la Lefapha la Metsi le Tlhwekiso ya Dikgwerekgwere, la Lefapha la Kgwebisano le Indasteri, la Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, la Lefapha la Mesebetsi, la Lefapha la Bodulo ba Batho, la Lefapha la Bophelo bo Botle le la Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo le Ditjhelete.

Ho tswela pele ho kgothaletsa maemo a ntlafetseng a bophelo ba basebetsi ba merafo, Mmuso o beile leihlo boikamahanyo ba dikhamphane tsa merafo le dipeelo tsa Selekane sa Merafo, se amanang le ho ntlafatsa maemo a bophelo a basebetsi.

Dikhamphane di lebeletswe ho fetola kapa ho ntlafatsa dihosetele hore e be diyuniti tse loketseng malapa, di fihlelle kabo ya bodulo ya motho a le mong phaposi ka nngwe, di be di hlophisetse basebetsi ba merafo kgetho ya ho ba beng ba mahae.

Re kopa dikhamphane ho ikamahanya le moedi o sehilweng wa 2014 bakeng sa dipeelo tsena, di be di fetisetse tokelo ena ya seriti ho basebetsi ba merafong.

Ditho tse Hlomphehang
Baeti ba Hlomphehang,

Boemo bo tlase ba matsete ke thefuleho e kgolo kgolong ya moruo. Re ikemiseditse ho sebetsa le lekala la poraefete ho tlosa ditshita matseteng.
Re lakatsa ho bona lekala la poraefete le bontsha tshepo e kgolo moruong jwaloka lekala la setjhaba.

Re tla tswela pele ho buisana le ba kgwebo ho phahamiseng kgolo e kenyeletsang bohle le ho aha setjhaba se atlehileng le ho feta. Ntlheng ena, haufinyane ke tla etsa kopano ya Sehlopha sa Boporesidente sa Tshebetso ya Dikgwebo.

Kamora kopano ya ho qetela ya Sehlopha sa Tshebetso ngwahola, metjha e tsheletseng ya ho sebetsa e ile ya thewa mme tsena haesale di ntse di buisana ka ditharollo ditshiteng tse fapaneng tsa ho etsa kgwebo Aforika Borwa.

Dintho tsena di ile tsa boela tsa hlahiswa ke beng le Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso ba Dikhamphane tse kgolo bao ke ileng ka kopana le bona makgetlo a mararo a arohaneng moo ho neng ho sebetswa ka thata sebakeng sa bodulo sa Mahlamba Ndlopfu ka Pudungwana le ka Tshitwe ngwahola.

Kopano e latelang ya Sehlopha sa Tshebetso e tla ntshetsa pele selekane sa kgolo e kenyeletsang bohle le ntshetsopele ya nako e telele.

MaAforika Borwa a heso,

Re tlameha ho arabela ka bohlale maqakabetsing a eneji a naha hore re tle re thee maemo a matle bakeng sa kgolo.

Lenaneo le atlehileng la ho kenngwa ha motlakase le fetotseng maphelo a malapa a mangata, le ile la fihlellwa ka ho henahenana le dirisefe tsa maiketsetso tsa motlakase, tse neng di sa rerelwa ho jara morwalohadi wa ho ajwa ha eneji.

Maemo ana a hloka hore ho be le diphetoho tse kgolo lekaleng la eneji, ho thea mefutafuta ya eneji ya nako e telele e akgang ya mashala, ya matla a letsatsi, e fehlwang ka metsi, ya kgase le eneji ya nyutleleya.

Phetoho ena e kgolo e tla hloka hore ho fetolwe dibopeho ka mokgwa oo mafapha a mmuso, dikhamphane tse amehang tseo e leng tsa mmuso le diindasteri ka kakaretso di tla rarolla diphephetso tsa eneji.

Morero wa eneji o boela o hloka ho kenngwa ha ditjhelete le kgiro ya basebetsi lekaleng la eneji.

Re tla boela re hloka ho hlwaya mekgwa ya ho bula madiboho e tla potlakisa phumantsho le phano ke mmuso lekaleng la eneji.

Ho hlophisetsa bokgoni ba ditheo, re motjheng wa ho fetola Komiti ya Naha ya Tlhophiso ya Phethahatso ya Kabinete ya Nyutleleya le Eneji, hore e be Komitjana ya Kabinete ya Tshireletso ya Eneji.

Komitjana ena e tla ikarabela ka tekolo, tlhophiso le ho kenya motjheng mesebetsi ya lekala la eneji.

Komitjana e tla boela e netefatsa hore Eskom e fumana tshehetso eo e e hlokang ho phetha thomo ya yona le hore e dula e tsepamisitse maikutlo phihlellong ya dipheo le dipeelo tsa yona.

Ho fihlella dipheo tsa rona tsa tshireletso ya eneji, dikhamphane tseo e leng tsa mmuso tse sebetsanang le Lekala la Eneji, tse kang Eskom, Koporasi ya Eneji ya Nyutleleya ya Aforika Borwa le Letlole la Eneji le Bohareng di tla tlameha ho itlamahanya le mesebetsi e hlalositsweng ho atleha dipheong tsena.

Mosebetsi o tshwanela ho etswa boemong bo sa tlwaelehang mefuteng yohle ya eneji haholoholo eneji ya nyutleleya le kgase ya shale mabapi le dithuso tsa ditjhelete, polokeho, tshebediso e mpe le tlhahiso ya thepa ya lapeng.

Nyutleleya e na le bokgoni ba ho fehla dimekawate tse fetang 9 000, ha kgase ya shale yona e nkuwa e le yona e tla fetola mawa moruong wa rona.
Re tla hahamalla pele ka kgetho ya kgase ya shale meralong ya rona ya melao e metle ya tikoloho.

Ho boetse ho na le diketsahalo tse ding tse potlakileng tseo re tshwaraneng le tsona, ka nako e kgutshwane. Kgatelopele kahong ya seteishene sa motlakase sa Medupe e tla potlakiswa.

Merero ya ho fana ka ditjhelete tsa seteishene se latelang se seholo sa motlakase o fehlwang ka mashala, Coal 3, e tla potlakiswa ho etsetsa hore metjha ya phumantsho e tle e thakgolwe.

Re tla boela re tswela pele ka mokgahlelo wa bo 4 wa lenaneo la bahlahisi ba motlakase ba ikemetseng la eneji e ntjhafatsehang, ho nka monyetla wa ho sebedisa moya, matla a letsatsi, bayomase le dithekenoloji tse eketswang monyetla wa ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang le Modulasetulo ya Hlomphehang,

Re boetse re shebile le ka mose wa naha ya rona bakeng sa tshireletso ya eneji.

Ka Mphalane ngwahola re tekenne Selekane sa Porojeke ya Motlakase o Fehlwang ka Metsi sa Grand Inga le Mmuso wa Democratic Republic of Congo. Porojeke ena e kgolo e fetolang mawa e na le bokgoni ba ho fehla dimekawate tse 40 000 tsa motlakase o fehlwang ka metsi.

Naha ya rona e tla fola molemo haholo porojekeng ena e atlehileng.

Ho itlhophisetsa ho kenya tshebetsong morero wa eneji, re tlameha ho phethela melao e amanang le popobotjha ya indasteri ya eneji jwaloka ha e hlahiswa ke Bili ya Mokgwa o Ikemetseng wa Mosebedisi wa Mmaraka, Morero o Kopantsweng wa Mehlodi ya Disebediswa le maano a mang a amang lekala la Eneji.

Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Hlomphehang,

Re naha e sebetsang.

Kahodima bokenadipakeng ba rona tshireletsong e kgolo ya eneji, re tla tswela pele ho kenya tshebetsong Morero wa Naha wa Meralo ya Motheo o atlehileng, tlasa tiso ya Khomishene ya Moporesidente ya Tlhophiso ya Meralo ya Motheo, naha ka bophara.

Nakong ya dilemo tse hlano tse fetileng, re tsetetse tjhelete e ka bang R1 trilione meralong ya motheo e metjha ya ho fana ka metsi, eneji, dipalangwang, tlhwekiso ya dikgwerekgwere, dikolo le ditleliniki esita le kgokelo ya inthanete bathong ba habo rona.

Dilemong tse tharo tse tlang, re tla sebedisa R847 bilione kahong ya meralo ya motheo diporojekeng tse ngatanyana tse tla qalwa kapa tse tla phethelwa.
Kaho ya Letamo la Mzimvubu Kapa Botjhabela e tla tswela pele, esita le ho phahamiswa ha lebota la Letamo la Clanwilliam Kapa Bophirima.

Nakong ya dilemo tse hlano tse tlang mosebetsi o moholo wa kaho ya Mokgahlelo wa bo 2 wa Porojeke ya Metsi a Dithabeng tsa Lesotho e tla phethelwa.

Dilemong tse hlano tse tlang, re tla qeta ho aha dikotlolo tsa MeerKat tse fetang 60 re be re qale ho aha masiba a dikotlolo a pele a Pokello ya Sekwere sa Khilomitha sa 100.

Re tla phatlalatsa, re ntjhafatse re be re eketse phihlello ya meralo ya motheo ya lesedi le dikgokahanyo le ditshebeletso tsa dikgokahanyo tsa elekroniki, ho akga dithapo tse hokelangle kgaso ya dijithale.

Kabinete e ananetse “South Africa Connect,” Leano le Lewa la rona la Dithapo tse hokelang ka Tshitwe ngwahola, ho ntshetsa pele mosebetsi ona.
Re tla tswela pele ka diporojeke tse ding tse fapaneng tsa meralo ya motheo tse tla fetola maemo a ho phela a batho ba habo rona di be di hodise moruo.

Baheso,

Lenaneo la rona la phetoho e matla ya maemo a maphelo le a moruo le tla ntshetswa pele ka ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Tshebetso wa Leano la Diindasteri.

Re tla phahamisa phumantsho ya tsa lapeng re be re eketse tlhahiso ya lapeng ka ho re mmuso o reke 75% ya thepa le ditshebeletso bahlahising ba Aforika Borwa.

Re tla sebedisa lekala la eneji e ntjhafatsehang, ho etsuwa ha dibese, ditumellano tsa diterene tse bitsang R50 bilione tsa Transnet le diporojeke tsa diterene tsa bapalami tsa PRASA ho tse ding, ho phahamisa tsa lapeng le ho matlafatsa kgolo.

Dilemong tse hlano tse tlang, re tla boela re phahamisa ntshetsopele ya moruo wa lebatowa le kaho ya diindasteri, ka ho thea Dikgutlwana tse Kgethehileng tsa Moruo naha ka bophara.

Re tla tswela pele ho tshehetsa ka ditsiane, ho qothisana lehlokwa ha diindasteri tsa makoloi, diaparo, matlalo, dieta le tsa masela, tse nang le basebetsi ba bangata haholo.

Ditho tse Hlomphehang,

Ntle le maemo a boima a kgwebisano lefatsheng ka bophara mebarakeng ya yona e tlwaelehileng, lekala la bohahlaudi la Aforika Borwa le tswetse pele ho bontsha kgolo e ntle ka 2013, la fihlella rekotong e hodimo ya bahahlaudi ba matjhabatjhaba ba 9,6 milione ba ileng ba fihla.

Batho ba rata naha ya rona mme ba tswela pele ho etela Aforika Borwa.

Re iketseditse peelo ya ho eketsa lenane la ho fihla ha baeti ba melata hore le fete 15 milione ka selemo ka 2017.

Re boetse re habile ho eketseng seabo sa bohahlaudi pokellong ya lekgetho la naha ho ya kahodimo ho R125 bilione ka 2017.

Nakong ya dilemo tse hlano tse tlang, re tla bea ka sehloohong tshehetso ya dikgwebo tse nyenyane, esita le dikgwebo tsa makeisheneng le tsa lekala le sa ngodiswang ka semolao haholoholo, kahoo re tla sebedisa lenaneo la ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane le tse Kgolwanyane ho tiisa matlafatso e batsi ya ba batsho moruong.

Re tla tjhorisa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Matlafatso e Batsi ya ba Batsho Moruong le Molao wa Tekatekano Kgirong, ka sepheo sa ho fetola boithuelo, botsamaisi le taolo ya moruo.

Re tla kgothaletsa malebaleba a tomanyana a hore basebetsi le setjhaba e be beng ba diabo mme re matlafatse seabo sa borakgwebo ba batsho kahong botjha ya diindasteri tsa moruo.

Baheso,

Palo yohle ya dithepa tsa Ditheo tsa rona tsa Ntshetsopele ya tsa Ditjhelete e ka fihlella ho R230 bilione.

Leha ho le jwalo, sekgahla sa tsona ntshetsopeleng ha se a lekana ka bobatsi mme le mananeo a tsona a matsete ha a hlophiswa hantle.

Ditheo di tla bewa botjha dilemong tse hlano tse tlang hore e tle e be dikgubu tsa sebele tsa ntshetsopele ya maemo a maphelo le a moruo.

Ka ona mokgwa oo, Postbank e tla tshehetswa ho etsetsa hore e be le seabo sa bohlokwa sa ho etela pele keketsong ya ditshebeletso tsa dibanka ho ya bofutsaneng le basebetsi.

Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Hlomphehang,

Matlafatso ya batjha e tla bewa ka sehloohong lenaneong la rona la phetoho e kgolo moruong.

Mmuso o tla hlahisa mehato e meng ya ho potlakisa ho hirwa ha batjha, ho ya ka Tumellano ya Mesebetsi ya Batjha.

Re tla eketsa lenane la dikgeo tsa boitlwaetso ba mesebetsi mmusong, moo lefapha le leng le le leng la mmuso le setheo sa mmuso di lebelletsweng ho nka baitlwaetsi ba mesebetsi bakeng sa ho rupellwa mesebetsing.

Lekala la poraefete le amohetse hantle taba ya ditsiane tsa lekgetho la mesebetsi. Dikgweding tse hlano feela, ke basebetsi ba 133 000 ba fotseng molemo le bahiri ba 11 000 ba bileng le seabo malebalebeng a ditsiane.

Bongata bo hirilwe mabenkeleng a thekiso ya bongata le a thekiso e nyane makaleng a tlhahiso le a ditjhelete.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,
Modulasetulo ya Hlomphehang,

Haesale ho tloha ka 2004 mmuso o tsamaisa Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le fanang ka menyetla ya mesebetsi le thupelo ho ba sa sebetseng. Mokgahlelo o motjha o tla fana ka menyetla e dimilione tse tshelela tsa mesebetsi ka 2019. Re aha hodima dikatleho tsa dilemo tse mmalwa tse fetileng.

Re theile menyetla ya mesebetsi e ka bang dimilione tse nne dilemong tse hlano tse fetileng.

Boiteko ba tikoloho ba EPWP bo kang ho sebetsa matlakaleng, ho sebetsa motshwetshweng, ho sebeletsa metsi, ho sebetsa mellong le lenaneo la Ditshebeletso tsa Batjha tsa Tikoloho bo tla boela bo nyollwa ho ya fihla ka 2019, ho tshehetsa ntshetsopele ya batjha.

Ho feta moo, Lenaneo la Mesebetsi ya Dibaka le itshetlehileng ka mmuso wa dibaka le tla eketswa hore le fane ka menyetla ya mesebetsi e milione mafelong a 2019.

Baheso,

Re hlwaile temothuo e le ya bohlokwa tlhahisong ya mesebetsi. Peelo ya rona ke hore lekala la temothuo le thee mesebetsi e milione ka 2030.

Mmuso o tla fana ka tshehetso e phethahetseng ho borapolasi ba ntseng ba thuthua ka ho potlakisa kabo botjha ya mobu le ho fana ka tshehetso ya disebediswa, meralo ya motheo le ditjhelete.

Ho tla fanwa ka tshehetso setjhabeng ho be ho bontshanwe ka tlhahiso ya dijo le bolemi ba ho iphedisa, ho kgothaletsa tshireletso ya dijo ho ya ka lenaneo la tlhahiso ya dijo la Fetsa Tlala.

Re tla potlakisa ho phethelwa ha ditseko tse setseng tsa mobu tse kentsweng pele ho letsatsi la ho kwala la 1998. Re tla boela re bula botjha nako ya ho kenngwa ha ditseko bakeng sa pusetso ya mobu ka nako ya dilemo tse hlano, re be re lokise dikganyetso tsa sekepele sa nako ya ho tloha ka 1913 bakeng sa mahlomela a maKhoi le maSan.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,
Modulasetulo ya Hlomphehang,

Sub-Sahara Africa e ntse e eketseha ho ba molekane wa bohlokwa wa kgwebisano wa naha ya rona. Re kgothatswa ke hore matsete a Aforika Borwa kontinenteng a eketsehile ho tloha ho R5,5 bilione ka 2002 ho ya ho R32,3 bilione ka 2013.

Diyantle tsa rona tse yang kontinenteng le tsona di a eketseha selemo ka seng, hoo di nyolohileng ho ya ho 28,5% di tloha ho 22,6% ka 2002.

Aforika Borwa e tla tswela pele ho etella pele momahano e batsi ya lebatowa ka Kopano ya Lekgetho la Madiboho a ho Kena le ho Tswa ya Aforika e ka Borwa, Dinaha tse Tswelang pele tsa Aforika e ka Borwa le Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng ya Dinahatharo e lebelletsweng e panang Botjhabela le Borwa ba Aforika.

MaAforika Borwa a heso,

Re lakatsa hore maiphihlelo a batho ba habo rona a mmuso wa dibaka e be a thabisang.

Re sekehetse tsebe ditletlebo le ditshisinyo tsa MaAforika Borwa tse amanang le tshebetso ya bomasepala dilemong tse hlano tse fetileng.

Ke batla ho abelana le lona hona jwale, ka morero wa rona wa tshebetso wa ho tsosolosa mmuso wa dibaka.

Bomasepala ba rona ba ahilwe hodima motheo o tiileng, o ahilweng ka dilemo tse 20 tse fetileng tsa demokrasi.

Re sekasekile bomasepala ba rona bohle.

Re hlahlobile botsamaisi ba ditjhelete, le hore ba sebetsa ha jwang kahara metjha ya ketso ya melao esita le bokgoni ba bona ba ho ntsha diporojeke le ho rarolla maqakabetsi a bokgoni.

Re boetse ra sheba hape le kamoo ba arabelang ka teng ho tsa boipelaetso ba phano ya ditshebeletso. Ho bile le dikatleho tse ngata ho bomasepala ba bangata. Leha ho le jwalo, re tobane le diphephetso tse ngatanyana ho ba bang.

Re motlotlo ka hore bomasepala ba 11 ba hlahelletse ka mahetla ka tshebetso e ntle ka nako tsohle ditlhahlobong tsa dibuka, tshebediso ya ditjhelete tsa dithuso tsa meralo ya motheo ya bomasepala le phano ya ditshebeletso.

Bomasepala bao ba 11 ke ba latelang:
1. Masepala wa Setereke wa Nkangala.
2. Masepala wa Setereke wa Cacadu.
3. Masepala wa Setereke wa Zululand.
4. Masepala wa Setereke wa Umzinyathi.
5. Masepala wa Setereke wa Ilembe.
6. Masepala wa Lehae wa Knysna.
7. Masepala wa Setereke wa West Coast.
8. Masepala wa Lehae wa Matzikama.
9. Masepala wa Lehae wa Mossel Bay.
10. Masepala wa Lehae wa Breede Valley le
11. Masepala wa Lehae wa Steve Tshwete.

Re thoholetsa bomasepala ka tshebetso ena.

Tekolo e phethahetseng ya bomasepala ba fapaneng e bontshitse moo ba hlokang tshehetso teng.

Re tla fana ka thuso ho bomasepala ba latelang, ho ba bang:
Masepaleng wa Setereke wa Amathole Kapa Botjhabela, Banka ya rona ya Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa e ananetse thuso ya ditjhelete ho ntshetsa pele kaho ya meralo ya motheo.

Diporojeke tse ngatanyana tse lekgolo, boholo e le tsa metsi le tlhwekiso ya dikgwerekgwere, le tla qalwa mme sepheo ke ho di phethela dikgweding tse 12 tse tlang.

Masepaleng wa Setereke wa Umzinyathi, KwaZulu-Natal, ditjhelete di tla fanwa ho ntshetsa pele diporojeke tsa meralo ya motheo tse akaretsang haholo ho kenngwa ha motlakase malapeng.

Bomasepala ba dibaka ba tla thuswa ba akga Msinga, Umvoti le Nquthu.

Masepaleng wa Setereke wa Alfred Nzo Kapa Botjhabela, ditjhelete di tla fanwa bakeng sa diporojeke tsa ntshetsopele ya meralo ya motheo tse akaretsang phano ya metsi, tlhwekiso ya dikgwerekgwere le ho kenngwa ha motlakase.

Bomasepala ba dibaka ba amehang ba akga Mbizana le Ntabankulu, ba nang le setjhaba se etsang batho ba ka bang milione e le nngwe.

Re tla tshehetsa Masepala wa Sebaka wa Lukhanji ho hlophisa botjha botsamaisi ba wona le ho kenya tshebetsong merero ya tshehetso bakeng sa phano ya metsi le motlakase.

Re tla thusa Masepala wa Setereke wa OR Tambo ho tsitsisa botsamaisi le lekala la tlhophiso mme ho potlakiswe ho kenngwa tshebetsong ha Merero ya Moporesidente ya Bokena dipakeng.

Masepaleng wa Sebaka sa Mbhashe re tla kenya tshebetsong merero ya tsamaiso ya matlakala re be re rarolle qaka ya tshilafalo ya metsi a katlasa mobu.

Masepaleng wa Setereke sa Ngaka Modiri Molema Leboya Bophirima, mmuso wa naha o tla fana ka tshehetso mme o sebetse le Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa ho rarolla qaka ya ditjhelete bakeng sa meralo ya motheo ya metsi le tlhwekiso ya dikgwerekgwere.

Re tla tshehetsa Toropo ya Johannesburg ho rarolla mathata a ditefiso tsa ditshebeletso tsa yona setjhabeng.

Re tla tshehetsa Masepala wa Sebaka wa Moqhaka Foreisetata ka ho fedisa tshebediso ya mabakete re be re rarolle diphephetso tsa matlwana.

Mothating wa jwale mosebetsi wa ho fedisa tshebediso ya mabakete o tswela pele naha ka bophara. Taba ena e tla boela e ba e ka sehloohong Sehlopheng sa Tshebetso sa Matona a Kopaneng sa Phano ya Ditshebeletso seo ke se theileng. Sehlopha se eteletswe pele ke Letona Pravin Gordan.

Sehlopha se na le Matona la Lefapha la Merero, Bodisa le Tekolo ya Tshebetso, la Lefapha la Bodulo ba Batho, la Lefapha la Metsi le Tlhwekiso ya Dikgwerekgwere, la Lefapha la Dipalangwang, la Lefapha la Merero ya Lehae, la Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso, la Lefapha la Eneji, la Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha, la Lefapha la Bophelo bo Botle le la Lefapha la Thuto ya Motheo.

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang le Modulasetulo ya Hlomphehang,

Tsepamiso ya maikutlo mmusong wa dibaka dilemong tse hlano tse tlang e tla ba mokgwa oo re lokisang dintho ka wona manneteng a phallelo ya ditoropong e jeleng setsi.

Aforika Borwa e ntse e fetoha naha ya dibaka tsa ditoropo. Ka 2011 e ne e ka ba 63% ya setjhaba ditorotswaneng le ditoropong mme mokgwa ona o lebelletswe ho tswela pele dilemoshomeng tse tlang.

Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele ya Dibaka tsa Ditoropo wa mmuso wa rona o tla phethelwa ka la 30 Phupu 2014.

O tla fana ka selekane se setjha bakeng sa ditorotswana le ditoropo tsa Aforika Borwa.

O tla hlophisa moralo wa leano wa kamoo mokgwa wa dibaka tsa ditoropo o ka hlophiswang botjha ka teng Aforika Borwa ho etsetsa hore ditorotswana le ditoropo di amohele bohle, di be le disebediswa tse ntle mme e be dibaka tse ntle tseo ho ka phelwang ho tsona dilemong tse 20 ho isa ho tse 30 tse tlang.
Mmoho ha re ntshetseng mmuso wa lehae pele!

Baheso,

Dilemong tse 20 tse fetileng, re nnile ra eketsa tshehetso ya malapa a kotetsweng a bile a kotsing ka ho aha matlo, katoloso ya mananeo a dithuso setjhabeng le phihlello e ntlafaditsweng thutong le tlhokomelong ya bophelo bo botle ya motheo.

Nakong e tlang, phokotso ya bofuma e tla matlafatswa ho ya pele.

Re tla tswela pele ho tsetela thutong le tlhabollong ya bokgoni ba mesebetsi jwaloka ha seo e le ntho ya bohlokwa kgolong le ntshetsopeleng ya moruo. Re hloka diinjinere, boramotlakase, dipolambara, dingaka, matitjhere le diporofeshenale tse ding tse ngata ho aha moruo wa naha ya rona.

Kahoo thuto e dula e le ntlha e beilweng ka sehloohong mmusong ona. Re tla tswela pele ho phahamisa phihlello ya thuto lefatsheng lohle ka ho netefatsa hore bana bohle ba dipakeng tsa dilemo tse supileng le tse 15 ba kena sekolo.
Re tla eketsa lenane la baithuti ba Kereiti ya 12 ba ka fumanang matshwao a ho amohelwa diyunivesithi, ho tloha ho 172 000 ka 2013 ho ya ho 250 000 2019.

Bonnyane re butse sekolo se le seng se setjha ka beke Kapa Botjhabela ngwahola mme re tla tswela pele ho fedisa dikolo tse ahilweng ka mobu esita le meaho e meng e seng boemong bo botle.

Lenane la batjha ba diyunivesithing le dikholetjheng le eketsehile dilemong tse fetileng. Boradikonteraka ba tla ya ditsheng ka Lwetse ho aha diyunivesithi tse ntjha Kapa Leboya le Mpumalanga.

Ka Pherekgong selemo se tlang, kamohelo ya pele ya baithuti ba tsa bongaka e tla kgakolwa yunivesithing e ntjha ya tsa bongaka e Limpopo.

Ho feta moo, dikholetjhe tse 12 tsa thupelo ya mesebetsi e fapaneng di tla ahwa ho eketsa eketsa motswako wa bokgoni ba tsebo ya mesebetsi e sa tlwaelehang naheng ena.

Baheso,

Mmoho re tlameha ho tswela pele ho lwantsha dithethefatsi le tshebediso e mpe ya dithethefatsi dikolong le dibakeng tsa rona. Re tla boela re bea ka sehloohong ntlha ya polokeho dikolong, dipalangwang tsa baithuti le bophelo bo botle ba bana.

Ho tsa bophelo bo botle, re tla sebetsa haboima le ho feta ho eketsa tebello ya dilemo tsa ho phela ho tloha dilemong tse 60 ka 2012 ho ya dilemong tse 63 ka 2019.

Letsholo la ho fokotsa sekgahla sa ho shwa ha bana le batswetse le tla tswela pele.

Hona ho tla hloka ho qatjwa ha Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle le tokiso ya tlhokomelo e boleng bo hodimo lekaleng la mmuso.

Re tla aha hodima dikatleho tsa lenaneo la rona la kalafo le tshehetso ho tsa HIV le AIDS ka ho eketsa matsholo a rona a maholohadi a dipuisano ka thibelo ya HIV.

Baheso,

Re tla ntshetsa pele dikgato tseo re di nkileng ho phahamiseng matlafatso le ntshetsopele ya basadi.

Letona la Boporesidenteng le ikarabelang ka ntshetsopele ya basadi, Mme Susan Shabangu, o tla sebedisana le mafapha a mang a Mmuso, diakgente, lekala la poraefete le mekgatlo eo e seng ya mmuso, ho phahamisa matlafatso ya basadi bophelong le moruong, ntshetsopeleng le ditokelong tsa botho.

Ho tswelapele ho momahanya dikatleho tsa demokrasi ya rona, re tla ntlafatsa maphelo a batho ba holofetseng dilemong tse hlano tse tlang.

Re tla sebetsa le lekala la ba Holofetseng ho hlwaya dintho tsa bohlokwa tse tla bopa seabo sa Aforika Borwa jwalo ka motekeni wa Seboka sa Matjhaba a Kopaneng sa Ditokelo tsa Batho ba Holofetseng le Diporothokhole tsa sona tse sa Tlameng.

Ntho e nngwe ya bohlokwa ya bokenadipakeng sehleng sena e tla ba ho phethela Leano la Naha la Ditokelo tsa ba Holofetseng le akgang Moralo wa Naha wa Ditokelo tsa ba Holofetseng.

Leano le Moralo di tla tataisa tshebetso ya Mmuso ho phahamisa setjhaba se kenyeletsang ba bangatanyana esita le ho phahamisa boteng ba batho ba holofetseng mesebetsing ya ho nkuwa ha diqeto tse amanang le bona.

MaAforika Borwa a heso

Ho na le kgatelopele e seng e entswe dilemong tse hlano tse fetileng phokotsong ya ditlolo tsa molao tse sisimosang tse kang dipolao, ditlatlapo tse mpempe, ditlolo tsa molao kgahlanong le basadi, bana le dihlophana tse ding tse kotsing, empa di ntse di le hodimo ka mokgwa o sa amohelehang.

Re tla sebetsa haholwanyane ho fokotsa sekgahla sa ditlolo tsa molao.

Yuniti ya Dipatlisiso tse Kgethehileng, Sehlopha sa Tshebetso Kgahlanong le Bonyofonyofo, Yuniti ya ho Jewa ha Thepa le di-Hawks, ba entse kgatelopele e bonahalang matsapeng a rona a ho lwantsha bonyofonyofo ka bobatsi esita le mmusong. Mosebetsi ona o tla tswela pele dilemong tse hlano tse tlang.

Bofokodi bo teng mekgweng ya phumantsho, ya bolaodi le tshebetso e bebolang bokgoni le tshebetso e ntle ya mmuso e tla rarollwa.

E nngwe ya dikgato tsa bohlokwa, e seng e le motjheng, ke ho tsitsisa phumantsho tlasa Kantoro ya Mohlanka e Moholo wa Phumantsho e Lefapheng la Matlotlo a Setjhaba.

Re se re qadile ho bula madiboho mokgweng ona o motjha tsitsiso ya phumantsho ya fenetjhara ya dikolo Kapa Botjhabela. Fenetjhara e tla iswa dikolong tsohle tsa Kapa Botjhabela mahareng a Phato 2014.

Ho na le mekgwa e tla hlahiswa ya ho thibela basebetsi ba mmuso le baemedi ba mmuso hore ba se ke ba etsa kgwebo le mmuso.

Tsena di tla tshehetswa ke ho kenngwa tshebetsong ho ntlafaditsweng ha Moralo wa Pepeso ya tsa Ditjhelete, tshireletso e matla ya ba phahlang makunutu, le phano ya thuso ya dintho tse sa tlwaelehang mafapheng bakeng sa bolaodi bo botle ba boitshwaro.

Baheso,

Dilemong tse hlano tse tlang re tla tswela pele ho phahamisa kaho ya Aforika e betere le lefatshe le nang le toka e tomanyana.

Aforika Borwa e tla tswela pele ho tshehetsa mesebetsi ya lebatowa le ya kontinente ho rarolla dikoduwa, ho phahamisa kgotso le tshireletso, ho matlafatsa momahano ya lebatowa, ho eketsa haholwanyane kgwebisano e kopantseng dinaha tsa Aforika e be e tshehetse ntshetsopele ya nako e telele Aforika.

Sena se tla fupara ho tshehetsa le ho qobella tshebediso ya diqeto tsa Mokgatlo wa Kopano ya Aforika esita le ho phahamisa mosebetsi wa dibopeho tsa yona.

Re tla boela re tswela pele ho phahamisa tshebedisano mmoho ya Borwa bo ka Borwa ka ho sebedisa botho le dipuisano ka dibopeho le dihlopha tsa Borwa.

Ka ho tshwanang, re tla tswela pele ho phahamisa dikamano tsa ho fola molemo tseo ho dumellanweng ka tsona le dinaha tsa Leboya.

Re tla tswela pele ho tebisa ntshetsopele ya moruo, kgwebisano le dilekane tsa matsete le BRICS ka mosebetsi wa Sehlopha sa Dipuisano sa BRICS bakeng sa Ditaba tsa Moruo le Kgwebisano.

Ditho tse Hlomphehang,
Baeti ba Hlomphehang

Haesale SANDF e le mohlodi wa boikgantsho ba naha jwaloka ha e bile le seabo mesebetsing ya mmusakgotso kontinenteng.

Seabo sena se tla tswela pele mme mmuso o habile ntjhafatsong ya thomo ya SANDF ho ya ka Tjhebobotjha ya Tshireletso e sa tswa phethelwa.

MaAforika Borwa a heso,

Ho ntshetsa pele lenaneo lena la tshebetso, Motlatsi wa Moporesidente le nna re tla teana le Matona le Batlatsi ba Matona ho tshohla ka botebo merero ya ho kenngwa tshebetsong bakeng sa lefapha ka leng.

Letona ka leng le tla tekena tumellano ya tshebetso le Moporesidente e hlahisang seo lefapha ka leng le tla se etsa ho atlehisa lenaneo la tshebetso.

Baheso,

La 17 Phuptjane le tshwaya sehopotso sa bo22 sa phenetho e nyarosang ya Boipatong Gauteng.

Ha re hetla morao ho e nngwe ya dipale tse nyarosang ka hofetisisa nalaneng ya morao, re hopotswa ka ntlha ya hore re tlameha ho bea ka sehloohong taba ya tlhabollo ya maikutlo le kaho ya setjhaba haholwanyane ho feta pele.

Re tlameha ho tswela pele ka ho aha kutlwisiso, mamello le poelano, mme re lwantshe mmoho kgethollo ya semorabe, lehloyo la melata, lehloyo la batho ba ratanang ka bong bo tshwanang le tsohle tse amanang le tse sa kgohlellweng.

Tshebediso ya dipapadi le botjhaba e tla dula e le ntlha e kopanyang naheng ya rona sehleng sena. Re tla boela re tswela pele ho phahamisa Molao wa Motheo dikolong re be re netefatse hore bana ba rona ba hola ka mehopolo e metle le lerato la naha ya habo bona esita le setjhaba sa habo bona.

Re tla tswela pele ho aha letlotlo la setjhaba le kenyeletsang bohle dilemong tse hlano tse tlang ka ho aha diemahale le matshwao a mang a tlotlang bahale ba ntwa ya tokoloho ba tlisitseng tokoloho le demokrasi eo re phelang ho yona kajeno.

E le karolo ya mekete ya rona ya dilemo tse 20 tsa tokoloho le demokrasi, direkoto tsa ho qeta dilemo tse 20 monongwaha, tse kang tsa matsatsing a pele a mofu Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela Kantorong di tla iswa Polokelong ya Ditokomane tsa Naha.

Monongwaha ho tla be ho kenngwa lenaneng ha Direkoto tsa Foramo ya Ditherisano tsa Mekga e Mengata tsa CODESA Rejistareng ya Lefatshe ya Dihopolwang tsa Matjhabatjhaba.

Kgweding e tlang naha le lefatshe di tla ba le letsatsi la Matjhabatjhaba la Mandela.

MaAforika Borwa ohle a tshwanela ho nyehela metsotso e 67 bonnyane ka la 18 Phupu, ho hlwekisa Aforika Borwa, e leng mokotaba wa rona wa monongwaha.

Ha re qaleng ho hlophisetsa ho hlwekisisa ditoropo tsa rona, ditorotswana, makeishene, metse le metsana, dikolo re be re ntlafatse karolo e nngwe le e nngwe ya naha ya rona.

MaAforika Borwa a heso,

Lenaneo lena la tshebetso le reretswe ho etsa Aforika Borwa hore e be sebaka se betere ho bohle.

Re kopa maAforika Borwa ohle ho sebedisana le rona ho etsa hore ho kenngwa tshebetsong ha mananeo ana e be katleho.

Mmoho ha re ntshetseng Aforika Borwa pele.

Ke a leboha.